Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 6:21 - BIBELE

21 “ ‘Ona ke molao wa mokgethwa wa Modimo, ya ikanneng. Ena ke nyehelo ya hae ho Morena, ka baka la kgalaletso ya hae, feela ho sa balwe tse ding, tseo a ka tsebang ho di tlisa. Kathoko ho tsena tse hlokwang ke molao wa kgalaletso, mokgethwa wa Modimo o tla phetha tsohle ho ya ka kano eo a ikanneng ka yona.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ke oo molao wa ya iketsang monasari ka kano; ke eo nyehelo ya monasari ho Jehova, ho sa balwe tsee a ka nnang a mo abela tsona kamoo matla a hae a leng kateng: o tla phetha se laelwang bakeng sa kano ya hae kamoo molao wa bonasari o leng kateng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 6:21
7 Referencias Cruzadas  

Bakeng sa mosebetsi ona ba fana kamoo ba ka kgonang kateng, ba nea ramatlotlo kgauta e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mahlano, le silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse pedi le makgolo a robedi. Ba fana ka diaparo tsa boprista tse lekgolo.


“ ‘Ona ke molao wa lefufa. Ha mosadi a etsa phoso, empa a ntse a le tlasa taolo ya monna wa hae, mme a itshilafatsa;


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha monna kapa mosadi a etsa kano e kgethehileng, e leng kano ya mokgethwa, ya ho ikabela Morena,


Moprista o tla di akgotsa, e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Di a halalela, mme ke tsa moprista, hammoho le sefuba sa nyehelo e akgotswang, le sephaka sa nyehelo e phahamiswang. Kamora moo mokgethwa o tla nwa veine.


Morena a bua ho Moshe, a re:


Ya rutwang lentswe la Modimo eka kgona a arolelane maruo a hae wohle le ya mo rutang.


Se lebaleng ho ba mosa le ho thusana, hobane ana ke wona mahlabelo a kgahlisang Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos