Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:30 - BIBELE

30 O tla tlisetsa Morena nyehelo ya setjheso ka matsoho a hae; o tla tlisa mafura le sefuba hore a tle a se akgotse kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 O tla tlisa ka matsoho a hae tse tlang ho tjhesetswa Jehova; o tla tlisa mafura le sefuba, sefuba se tle se tsokotswe pela Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:30
16 Referencias Cruzadas  

Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


“Sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, le di jelle sebakeng se hlwekileng. Di jewe ke wena, le bara ba hao, le baradi ba hao, hobane ke seabo seo o se filweng, se filweng le bara ba hao, se tswang mahlabelong a nyehelo ya teboho ya bana ba Iseraele.


Ba tlise serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, le sefuba sa nyehelo e akgotswang, mmoho le nyehelo ya setjheso sa mafura, ho tla di akgotsa e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Tsena e tla ba tsa hao, le tsa bara ba hao, e be seabo sa hao sa mehla yohle, jwalokaha Morena a laetse.”


O tla nyehela ka mohlehlo, le ka mafura wohle a dikahare, e le setjheso se etsetswang Morena.


Sehlabelong sena sa teboho, seo e leng sa setjheso se etsetswang Morena, o tla nyehela ka mafura a yona, le mafura wohle a mohatla o kgaoletsweng nkatapeng, le mohlehlo, le mafura wohle a dikahare.


Tsena tsohle a di bea diatleng tsa Arone le diatleng tsa bara ba hae, mme Moshe a di akgotsa, e le nyehelo e akgoletswang Morena.


Moshe a nka sefuba, a se akgotsa e le nyehelo e akgoletswang Morena. Ya eba seabo sa Moshe se tswang pheleung ya kgalaletso, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


tsena a di bea hodima difuba, mme a di tjhesetsa hodima aletare.


Empa difuba le serope sa letsoho le letona Arone a di akgotsa pela Morena, e le nyehelo e akgotswang, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Moprista o tla di akgotsa, e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Di a halalela, mme ke tsa moprista, hammoho le sefuba sa nyehelo e akgotswang, le sephaka sa nyehelo e phahamiswang. Kamora moo mokgethwa o tla nwa veine.


Arone a nyehele ka Balevi kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang, e tswang ho bana ba Iseraele, hore Balevi ba tle ba sebeletse Morena.


Ha ho ya nkamohang bona, empa ke bo tela ka ho rata. Ke na le tokelo ya ho bo tela, ke na le tokelo ya ho bo fumana hape; taelo ena ke e amohetse ho Ntate.”


Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.


“Tsena e tla ba diabo tsa baprista tse tswang ho setjhaba, tse tswang ho ba etsang dinyehelo tsa setjheso; e ka ba pholo kapa nku, ba tla nea moprista sephaka, le ditlhaha, le mohodu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos