Palo ya tsona ke ena: mekeke ya kgauta e mashome a mararo, le mekeke ya silefera e sekete, le mefuta e meng ya dijana e mashome a mabedi a metso e robong,
Numere 7:19 - BIBELE A etsa nyehelo ya mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo. Sesotho 1909/1961 (SO) A tlisa kabelo ya hae, e leng mokeke wa silefera, boima ba wona e le dishekele tse lekgolo le mashome a mararo; le morifi wa silefera, wa dishekele tse mashome a supileng, e leng dishekele tsa sehalalelo; tse pedi tseo di ne di tletse lefi la phofo le dubilweng ka ole e be nyehelo; |
Palo ya tsona ke ena: mekeke ya kgauta e mashome a mararo, le mekeke ya silefera e sekete, le mefuta e meng ya dijana e mashome a mabedi a metso e robong,
O tla e etsetsa mafiso, le mafiswana, le mepotjwana, le dinwelo tse sebediswang ha ho nyehelwa. Tsena di etswe ka kgauta e hlwekileng.
Dipitsa le dikgarafu, le ditimamabone le dikgaba, le dintho tsohle tse entsweng ka lethose, tseo ho neng ho sebeletswa ka tsona, ba di nka.
“ ‘Ha motho a tlisetsa Morena nyehelo ya koro, a e sile pele, e be phofo e thumisehileng. A tshele ole ya mohlwaare le mokubetso hodima yona,
“ ‘Ha motho a sitwa ho ntsha maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa phofo e thumisehileng e boima ba kilo e le nngwe, e le nyehelo e tlosang sebe. A se ke a ba a e tshela ka ole kapa ka mokubetso, hobane ke nyehelo e tlosang sebe.
Mohla tsatsi leo, mantswe ana a tla ngolwa hodima ditshepe tse melaleng ya dipere, ho thwe: “Ke tse kgethetsweng Morena.” Dipitsa tsa ho pheha tse ka Tempeleng ya Morena, di tla ka mafiswana a kapele ho aletare.
Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso.
Ka ho susumetswa ke mmae, morwetsana a re: “Mphe hona mona, ka mokeke, hlooho ya Johanne Mokolobetsi.”
Ngwanana a kena ka ho kgosi ka potlako, a kopa, a re: “Ke rata hore hona jwale o mphe hlooho ya Johanne Mokolobetsi ka mokeke.”