Numere 7:18 - BIBELE18 Ka letsatsi la bobedi ha nyehela Netanele, mora wa Suare, kgosana ya Isakare. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)18 Ka tsatsi la bobedi, Nethaneele, mora Tsuare, morena wa Issaskare, a hlahisa kabelo ya hae. Ver Capítulo |
A etsa nyehelo ya mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo.