Levitike 5:11 - BIBELE11 “ ‘Ha motho a sitwa ho ntsha maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa phofo e thumisehileng e boima ba kilo e le nngwe, e le nyehelo e tlosang sebe. A se ke a ba a e tshela ka ole kapa ka mokubetso, hobane ke nyehelo e tlosang sebe. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)11 Empa ha a sitwa ho ntsha maebakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa ka baka la sebe sa hae karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo, e be sehlabelo sa sebe, mme a se ke a e tshela ka ole, leha e le ka dibano, kahobane ke sehlabelo sa sebe. Ver Capítulo |
“Motho ha a futsanehile, mme a sitwa ho ntsha ho lokelang, o tla nka konyana e le nngwe e tona, hore e be nyehelo e tlosang molato, e be e sebediswe e le nyehelo e akgotswang ka baka la tefelo ya sebe sa hae; a nke le phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e budilweng ka ole, e le nyehelo ya phofo; le ole e ka etsang halofo ya lethara.
Nyehelo ya hae ya eba mokeke o le mong wa silefera, oo boima ba wona e neng e le kilo e le nngwe le halofo; le sekotlolo se le seng sa silefera, seo boima ba sona e neng e le dikeramo tse makgolo a robedi, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Bobedi ba tsona di ne di tletse phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya dijo.