Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 5:12 - BIBELE

12 O tla e tlisa ho moprista, mme yena o tla e ngwatha ka seatla e le kgopotso, a e tjhesetse aletareng, hodima dinyehelo tsa setjheso, tsa Morena. Ke nyehelo e tlosang sebe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O tla e tlisa ho moprista; moprista o tla qotsa ho yona ka seatla, ho etsa kgopotso, o tla e tjhesa aletareng, jwaloka dinyehelo tse tjhesetswang Jehova: ke sehlabelo sa sebe.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 5:12
15 Referencias Cruzadas  

Empa dikahare tsa yona le ditlhakwana tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


A tshware mapheo a lona, a le rale, feela a sa le kgekgethe; ebe moprista o le tjhesetsa hodima aletare, hodima patsi e tukang, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.’ ”


Empa dikahare tsa yona le ditlhako tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle aletareng, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


Bakeng sa kgopotso, moprista o tla tjhesa e nngwe ya dijo tseo, le ole, le mokubetso kaofela, e le nyehelo ya setjheso se etsetswang Morena.’ ”


ebe o e tlisa ho baprista, e leng bara ba Arone. Moprista a nke phofo e thumisehileng ka seatla, le ole, le mokubetso kaofela, a di tjhesetse hodima aletare, e be kgopotso e hodima aletare; e be setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


“ ‘Moprista a nke bo bong ba bohobe, e le kgopotso, ebe o bo tjhesetsa hodima aletare; e be setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


Jwale moprista o tla di tjhesetsa hodima aletare, e le setjheso sa dijo se nyehellwang Morena.


Diphiyo tse pedi le tshotso ya tsona e mahlakoreng, le phapohane, e tla tloswa mmoho le diphiyo.


O tla tlosa mafura wohle a yona jwalokaha ho tloswa mafura a konyana ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho, mme a a tjhesetse aletareng, hodima dinyehelo tse etsetswang Morena. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme motho eo o tla tshwarelwa.’ ”


“ ‘Ha motho a sitwa ho ntsha maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa phofo e thumisehileng e boima ba kilo e le nngwe, e le nyehelo e tlosang sebe. A se ke a ba a e tshela ka ole kapa ka mokubetso, hobane ke nyehelo e tlosang sebe.


Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe sa hae, ho e nngwe ya dintho tsena, mme motho eo o tla tshwarelwa. Phofo e setseng e tla ba ya moprista, jwalokaha ho etswa ka nyehelo ya dijo.’ ”


E mong wa bona o tla ngwatha phofo e thumisehileng, phofong ya nyehelo, a tlatse seatla; a nke le ole, le mokubetso wohle o hodima phofo ya nyehelo, ebe o di tjhesetsa hodima aletare, e be nyehelo e monko o monate, hore Morena a tle a ba hopole.


A ngwathe phofo eo ya nyehelo ka seatla, e le kgopotso, a e tjhesetse hodima aletare, a nto nwesa mosadi eo metsi ao.


A le tadima, a tshoha, mme a re: “Keng, Morena?” La re ho yena: “Dithapelo le dithuso tsa hao ho mafutsana di amohelehile ho Modimo, mme o o hopotse.


Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos