Numere 6:10 - BIBELE Ka letsatsi la borobedi o tla tlisa maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka tsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla tlisetsa moprista, monyako wa tente ya pokano, maebanakgorwana a mabedi, kapa maebana a mabedi. |
“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso eo a nyehellang Morena ka yona, e le nonyana, e be leebanakgorwana kapa ledinyane la leeba.
“ ‘Hoba a belehe ngwana wa moshanyana kapa wa ngwanana, ha matsatsi a hae a ho itlhwekisa a fedile, o tla tlisa ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena, konyana e nang le selemo, e le nyehelo ya setjheso, le ledinyane la leebana kapa leebanakgorwana, e le nyehelo e tlosang sebe.
moprista o tla etsa nyehelo e tlosang sebe ka le leng, mme ka le leng a etse nyehelo ya setjheso, a be a etse le nyehelo ya phofo. Moprista o tla etsetsa motho eo ya hlwekisitsweng tefelo ya sebe ho Morena.
Ka letsatsi la borobedi o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba; a tle kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena, mme a a nee moprista.
Ka letsatsi la borobedi o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, a a tlise ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena.
ya ileng a neelwa lefu ka baka la dibe tsa rona, mme a tsoswa hore re tle re lokafatswe.