Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 1:14 - BIBELE

14 “ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso eo a nyehellang Morena ka yona, e le nonyana, e be leebanakgorwana kapa ledinyane la leeba.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ha sehlabelo sa hae seo a etsetsang Jehova setjheso ka sona, e le sa dinonyana, o tla hlahisa sehlabelo sa maebakgorwana, leha e le sa madinyane a maeba.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 1:14
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena o re ho yena: “Ntlisetse kgomo ya sethole e lemo di tharo, le podi e tshehadi e lemo di tharo, le pheleu e lemo di tharo, le leebana-kgorwana, le ledinyane la leeba.”


“ ‘Empa ha a ka hloka konyana, o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la nyehelo ya setjheso, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme o tla hlweka hape.’ ”


Leebanakgorwana la bobedi o tla nyehela ka lona, ho ya ka molao wa setjheso. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ka baka la sebe seo a se entseng, mme motho eo o tla tshwarelwa.


“ ‘Ha motho a sitwa ho ntsha maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa phofo e thumisehileng e boima ba kilo e le nngwe, e le nyehelo e tlosang sebe. A se ke a ba a e tshela ka ole kapa ka mokubetso, hobane ke nyehelo e tlosang sebe.


“ ‘Empa ha motho a sitwa ho fumana nku kapa podi, o tla tlisetsa Morena nyehelo ya hae ya sebe seo a se entseng, ya maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, le leng e le la nyehelo ya sebe, le leng e le la nyehelo ya setjheso.


Itjariseng joko ya ka, le ithute ka nna, kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobeditseng, mme le tla fumana phomolo.


Jesu a kena ka Tempeleng, a phahla bohle ba neng ba reka, ba rekisetsa ka ho yona; a phethola ditafole tsa baananyi ba ditjhelete le ditulo tsa ba rekisang maeba.


le ho tlisa sehlabelo, ho ya ka se boletsweng Molaong wa Morena, e leng maebana-kgorwana a mabedi kapa madinyane a mabedi a maeba.


Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.


Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos