Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 1:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ha sehlabelo sa hae seo a etsetsang Jehova setjheso ka sona, e le sa dinonyana, o tla hlahisa sehlabelo sa maebakgorwana, leha e le sa madinyane a maeba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso eo a nyehellang Morena ka yona, e le nonyana, e be leebanakgorwana kapa ledinyane la leeba.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 1:14
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o re ho yena: Nkukele sethole se lemo tse tharo, le podi e tshehadi e lemo tse tharo, le pheleu e lemo tse tharo, le leebakgorwana, le leeba.


Ha a ka hloka konyana, a nke maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la setjheso, le leng e be la sehlabelo sa sebe. Moprista o tla mo etsetsa pheko, hore a hlweke.


Ka nonyana ya bobedi, o tla etsa setjheso ka molao wa teng; moprista o tla mo etsetsa pheko jwalo, bakeng sa sebe seo a se entseng, mme o tla tshwarelwa.


Empa ha a sitwa ho ntsha maebakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa ka baka la sebe sa hae karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo, e be sehlabelo sa sebe, mme a se ke a e tshela ka ole, leha e le ka dibano, kahobane ke sehlabelo sa sebe.


Empa ha a ka sitwa ho ntsha nku kapa podi ka baka la ho fumaneha, o tla hlahisetsa Jehova, ho etsa sehlabelo sa molato ka baka la sebe seo a se entseng, maebakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.


Inkeleng joko ya ka, mme le ithute ho nna; hobane ke mosa le pelo e nolo, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.


Jesu a kena tempeleng ya Modimo; a lelekela ntle bohle ba bapatsang le ba rekang ka tempeleng; a diha ditafole tsa ba ananyang ditjhelete, le ditulo tsa ba bapatsang ka maeba.


Ba ya le hore ba hlahise sehlabelo se laetsweng molaong wa Morena, sa maebanakgorwana a mabedi, leha e le sa madinyane a mabedi a maeba.


Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos