Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O tla hlatswa diteng le ditlhako ka metsi, mme moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke sona setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Empa dikahare tsa yona le ditlhakwana tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 1:13
15 Referencias Cruzadas  

Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.


A etsa merifi e leshome; a bea e mehlano ka ho le letona ho ntlo, e meng e mehlano ka ho le letshehadi, hore ho tle ho hlatsuwe dintho ho yona. Ho ne ho hlatsuwa ho yona mekgekgetho e meng ya ditjheso; haele letsha lona baprista ba ne ba iphotla ho lona.


Kamore e ne e le teng eo ho neng ho kenwa ho yona dipakeng tsa ditshiya tsa menyako; ke hona moo ho neng ho hlatsuwa ditjheso.


Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Leha le hlahisetsa Jehova nyehelo efe le efe, e se ke ya etswa ka ditomoso, hobane le ke ke la tjhesetsa Jehova nyehelo ya setjheso e nang le ditomoso, leha e le dinotshi.


O tla le isa ho baprista, bara ba Aarone; moprista o tla qotsa ho lona lefi la phofo le tshetsweng ka ole ka seatla, le dibano kaofela, mme moprista o tla di tjhesa aletareng, e be kgopotso aletareng, e le sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Bara ba Aarone ba tla a tjhesetsa aletareng, hodima setjheso se seng se leng hodima patsi e beilweng mollong, e be sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


O tla nka mafura a yona kaofela, jwalokaha ho nkwa mafura a sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla a tjhese aletareng, e be monko o monate ho Jehova; moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.


Molao wa nyehelo ke wona ona: Bara ba Aarone ba tla e hlahisa pela Jehova, pela aletare.


Diteng tsa yona le ditlhako tsa yona tsa hlatsuwa ka metsi, mme pheleu kaofela Moshe a e tjhesa aletareng; ya eba setjheso le sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


ha le rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo se tjheswang ka mollo, kapa e leng setjheso, kapa e leng sehlabelo sa ho phetha maikano, kapa sa boithatelo, kapa le rata ho hlahisetsa Jehova monko o monate meketeng ya lona e kgethehileng, ka makgomo kapa ka manku a lona,


motho ya hlahisetsang Jehova sehlabelo sa hae, o tla hlahisa nyehelo ya karolo ya leshome ya lefi la phofo le dubilweng ka karolo ya bone ya hine ya ole;


Qalong ya dikgwedi tsa lona, le tla hlahisetsa Jehova setjheso sa dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng tse lemo se le seng, tse se nang sekodi;


O tla hlaba konyana ya bobedi mantsiboya, e ena le nyehelo le tshelo tse jwaloka tsa hosasa; ke sehlabelo se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


O tla hlahisa ditjheso tsa hao, nama le madi, aletareng ya Jehova, Modimo wa hao; madi a mahlabelo a hao a tla tshollelwa aletareng ya Jehova, Modimo wa hao, mme o tla ja nama ya wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos