Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 12:6 - BIBELE

6 “ ‘Hoba a belehe ngwana wa moshanyana kapa wa ngwanana, ha matsatsi a hae a ho itlhwekisa a fedile, o tla tlisa ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena, konyana e nang le selemo, e le nyehelo ya setjheso, le ledinyane la leebana kapa leebanakgorwana, e le nyehelo e tlosang sebe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho feleng ha matsatsi a ho itlhatswa ha hae, bakeng sa mora, kapa bakeng sa moradi wa hae, o tla hlahisa konyana e lemo se le seng, e be setjheso, le leebana, kapa leebakgorwana, e be sehlabelo sa sebe, a di tlise monyako wa tente ya pokano,

Ver Capítulo Copiar




Levitike 12:6
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena o re ho yena: “Ntlisetse kgomo ya sethole e lemo di tharo, le podi e tshehadi e lemo di tharo, le pheleu e lemo di tharo, le leebana-kgorwana, le ledinyane la leeba.”


“Bolella bana ba Iseraele, o re: ‘Ha mosadi a ithwala, mme a beleha ngwana wa moshanyana, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng, jwalokaha a ile dinakong tsa hae.


Empa ha a ka beleha ngwana wa ngwanana, o tla dula dibeke tse pedi a le sesila, jwalokaha a ile dinakong tsa hae, mme o tla dula matsatsi a mashome a tsheletseng a itlhwekisa lehatlelo la hae.


Moprista o tla nyehella Morena ka tsona, a mo etsetse tefelo ya sebe, mme jwale o tla hlweka lehatlelong la hae. Ona ke molao wa motswetse ya belehang ngwana wa moshanyana kapa wa ngwanana.


A nke le maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, ao a ka a fumanang. Le leng e tla ba la nyehelo e tlosang sebe, mme le leng e be la nyehelo ya setjheso.


Ka letsatsi la borobedi o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba; a tle kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena, mme a a nee moprista.


Ka letsatsi la borobedi o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, a a tlise ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena.


Ka letsatsi la borobedi o tla tlisa maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena.


Ha ho fetile matsatsi a tlhwekiso ya bona ho ya ka Molao wa Moshe, ba isa Jesu Jerusalema ho mo hlahisa pela Morena,


Ka la hosasane Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: “Bonang Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos