La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 4:34 - BIBELE

Yaba bo-Moshe le Arone, le mahosana a setjhaba, ba bala bara ba Kohate, ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Moshe, le Aarone, le marena a phutheho, ba ngola bara ba Kehathe ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona,

Ver Capítulo



Numere 4:34
5 Referencias Cruzadas  

Bana ke bara ba Levi, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E ne e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mme ba ngotswe ka bomong bukeng ya mabitso. Ba ne ba sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, ho tloha ha ba le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


Morabeng o mong le o mong le nke monna a le mong ya tla le thusa, e be monna eo e leng hlooho ya lelapa labo.”


Ho Kohate ho tswile lelapa la Amorame, le ba lelapa la Isihare, le ba lelapa la Heborone, le ba lelapa la Usiele. Bana ke bona ba leloko la Kohate.


Ona he, ke mosebetsi wohle wa malapa a bara ba Merari, ka Tenteng ya Morena, mme ba tla ba tlasa taolo ya Itamare, mora wa moprista Arone.”


ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; ba bala e mong le e mong ya ka sebeletsang ka Tenteng ya Morena.