Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 4:35 - BIBELE

35 ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; ba bala e mong le e mong ya ka sebeletsang ka Tenteng ya Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ha ngolwa bohle ba etsang tshebetso ya tente ya pokano.

Ver Capítulo Copiar




Numere 4:35
15 Referencias Cruzadas  

Bana ke bara ba Levi, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E ne e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mme ba ngotswe ka bomong bukeng ya mabitso. Ba ne ba sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, ho tloha ha ba le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


Ha balwa Balevi ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo. Palo ya bona, ha ba balwa ka bomong, ya eba dikete tse mashome a mararo a metso e robedi.


Davida a laela Solomone kamoo a tla hlopha baprista le Balevi kateng, hore ba etse mosebetsi wohle wa tshebeletso ya Tempele ya Morena; le kamoo thepa yohle e tla sebediswa kateng ha ho sebeletswa ka Tempeleng ya Morena.


ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a bahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.


ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.


ho tloha ka ba nang le dilemo tse mashome a mararo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.


Yaba bo-Moshe le Arone, le mahosana a setjhaba, ba bala bara ba Kohate, ho ya ka malapa abo bona, le ho ya ka matlo a bo-ntata bona;


Ba badilweng ho ya ka malapa abo bona ya eba dikete tse pedi le makgolo a supileng le mashome a mahlano.


ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano, e leng bohle ba neng ba ka sebeletsa ka Tenteng ya Morena.


ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano, e leng bohle ba neng ba ka sebeletsa ka Tenteng ya Morena.


ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano, e leng bohle ba neng ba etsa mosebetsi, ba jara dintho tse ka Tenteng ya Morena.


Jesu o ne a ka ba dilemo tse mashome a mararo ha a qala ho ruta. Ha ho lekanngwa, e ne e le mora wa Josefa, mora wa Eli,


E se be motho ya sa tswa sokoloha, esere a ikgohomosa, mme a welwa ke kahlolo jwaloka Diabolosi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos