Sedekiya a fetohela kgosi Nebukadenesare, ya neng a ile a mo hlapantsha ka Modimo. Empa Sedekiya a satalatsa molala, a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a kgutlela ho Morena Modimo wa Iseraele.
Numere 30:3 - BIBELE “Ha mosetsana a ikana kapele ho Morena, mme a itlama a sa le lapeng habo, botjheng ba hae; Sesotho 1909/1961 (SO) Etlare ha mosadi a ikanne ho Jehova, a itlamile e le yena ka hore hoitseng a le ka tlung ya ntatae le botjheng ba hae, |
Sedekiya a fetohela kgosi Nebukadenesare, ya neng a ile a mo hlapantsha ka Modimo. Empa Sedekiya a satalatsa molala, a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a kgutlela ho Morena Modimo wa Iseraele.
“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha motho a rata ho phetha kano ya hore o tla nyehella Morena ka motho ya tla lefellwa tjhelete ya topollo,
Ha motho a ikana kapele ho Morena, kapa a etsa tshepiso eo a e hlapanyetsang, a se ke a kwenehela seo a se buileng, a mpe a phethe tshepiso eo ya hae.
eba ntatae o utlwa kano ya hae, kapa boitlamo ba hae, boo a itlamileng ka bona, feela ntatae a sa re letho ho yena, dikano tsohle tsa hae ha di na ho fetoha, le boitlamo bohle boo a itlamileng ka bona ha bo na ho fetoha.
“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha monna kapa mosadi a etsa kano e kgethehileng, e leng kano ya mokgethwa, ya ho ikabela Morena,
eka kgona basadi ba thole diphuthehong; ha ba a dumellwa ho bua. Kamoo le Molao o bolelang kateng, ba lokela ho laolwa.
Empa bana ba Iseraele ba se ke ba ba bolaya, hobane mahosana a setjhaba a ne a hlapanyeditse Bagibeone ka Morena Modimo wa Iseraele. Setjhaba sohle sa korotlela mahosana.
Ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: “Jo, moradi wa ka wee! O nkutlwisetsang bohloko hakaale! Na ke wena ya ka ntlisetsang bomadimabe? Ke etseditse Morena kano, mme nke ke ka e kwenehela!”
A etsa kano, a re: “Oho, Morena wa mabotho, haeba ruri o ka tadima matshwenyeho a lekgabunyane la hao, mme wa nkgopola, wa se ke wa lebala lekgabunyane la hao, wa mpa wa le fa ngwana wa moshanyana, ke tla mo abela Morena ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, mme hlooho ya hae e ke ke ya beolwa.”