Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 9:18 - BIBELE

18 Empa bana ba Iseraele ba se ke ba ba bolaya, hobane mahosana a setjhaba a ne a hlapanyeditse Bagibeone ka Morena Modimo wa Iseraele. Setjhaba sohle sa korotlela mahosana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Bana ba Iseraele ha ba ka ba ba bolaya, kahobane dihlooho tsa phutheho di ne di ba hlapanyeditse ka Jehova, Modimo wa Iseraele; empa phutheho yohle ya duma-duma ka dihlooho.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 9:18
11 Referencias Cruzadas  

Empa ka baka la kano eo bo-Davida le Jonathane, mora wa Saule, ba neng ba e hlapanyetse ka lebitso la Morena, kgosi ya rekolohela Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule.


ya nyedisang ya kgopo, empa a hlompha ba tshabang Morena. Leha a ka senyehelwa, ha a kwenehele kano ya hae.


Se potlakele ho ahlamisa molomo, pelo ya hao e se ke ya ba lehala ho bua ho hong kapela Modimo. Modimo o lehodimong, wena o lefatsheng, kahoo polelo tsa hao di se be kae.


Se dumelle leleme la hao ho o kgannela sebeng, ebe jwale o re ho moromuwa wa Modimo: “Ke entse phoso!” Eba o etsetsang hore Modimo a halefiswe ke dipolelo tsa hao, ebe o fedisa mosebetsi wa matsoho a hao?


Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang: Ya lokileng le ya kgopo, ya molemo le e mobe, ya hlwekileng le ya sa hlwekang, ya etsang mahlabelo le ya sa etseng mahlabelo. Ya etsang hantle o tshwana le moetsadibe; ya hlapanyang o tshwana le ya sa hlapanyeng.


“Ha mosetsana a ikana kapele ho Morena, mme a itlama a sa le lapeng habo, botjheng ba hae;


Empa haeba o sa etsa kano, ha e tlo ba o entse sebe.


Seo o se buileng ka molomo wa hao, o tla hlokomela hore o se etse. O se etse ho ya kamoo o ikanetseng Morena Modimo wa hao kateng; o fane ka nyehelo ha boithaopo jwalokaha o buile.


“Ha o kena tshimong ya morara ya wa heno, o ka ja morara wa yona kamoo o ratang kateng, wa kgora, empa o se ke wa o tshela ka serotong sa hao.


Bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, mme ka letsatsi la boraro ba fihla metseng ya setjhaba sena. Metse ya sona e ne e le Gibeone, le Kefira, le Beerote, le Kiriate-Jearime.


Mahosana wohle a re ho setjhaba sohle: “Kaha re ba hlapanyeditse ka Morena Modimo wa Iseraele, re ke ke ra ba ntsha kotsi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos