Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 6:2 - BIBELE

2 “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha monna kapa mosadi a etsa kano e kgethehileng, e leng kano ya mokgethwa, ya ho ikabela Morena,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha monna, kapa mosadi, a ikgethetse ho ineela Jehova ka kano ya bonasari,

Ver Capítulo Copiar




Numere 6:2
21 Referencias Cruzadas  

Hona jwale ho tla tsejwa kang hore o nkgauhetse, nna le setjhaba see sa hao? Na hase ka ho tsamaya le rona, e le hore nna le setjhaba see re tle re kgethehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?”


Ya iketsang mokgelo o ithata boyena, tsohle tsa bohlale o hanyetsana le tsona.


Empa bona ba re: “Re ke ke ra nwa veine, hobane ntata rona moholo Jonadabe, mora wa Rekabe, o ne a re laele, a re: ‘Lona le bana ba lona le se ke la nwa veine le ka mohla!


“ ‘Le tla halalela le be batho ba ka, hobane nna, Morena, ke a halalela. Ke le kgaohantse le baditjhaba, hore le tle le be ba ka.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha motho a rata ho phetha kano ya hore o tla nyehella Morena ka motho ya tla lefellwa tjhelete ya topollo,


“Ha mosetsana a ikana kapele ho Morena, mme a itlama a sa le lapeng habo, botjheng ba hae;


Morena a bua ho Moshe, a re:


hobane o tla ba moholo pela Morena; ha a ka ke a nwa veine leha e le seno se tahang, mme o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.


Paulosi ha a se a hlotse Korinthe matsatsi a mangata, a dumedisa badumedi, a kena ka sekepeng ho tshelela Siria, a ena le Prisilla le Akulase. Ha a le Kenkeria a ikuta lekorana, hobane o ne a entse kano.


Nna Paulosi, mohlanka wa Kreste Jesu, ke bitseditswe ho ba moapostola. Ke kgethetswe ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo,


Ana tempele ya Modimo e ka dumellana ka eng le medimo ya bohata? Rona re tempele ya Modimo ya phelang, jwalokaha Modimo a itse: “Ke tla aha, mme ke phele hara bona, ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Empa yare ha ya nkgethileng ke sa le popelong ya mme, ya mpitsitseng ka mohau wa hae, a kgahlwa


O ne a se jwaloka Baprista ba bang ba Baholo, ba neng ba hloka ho nyehela ka mahlabelo ka matsatsi wohle, pele e le ka baka la dibe tsa bona, e ntano ba tsa setjhaba. Jesu o ile a nyehela ka sehlabelo se le seng, hanngwe feela, ha a inyehela ka boyena.


Mosadi a se ke a ja letho la tsohle tse tswang morareng, a se ke a nwa veine, leha e le seno se tahang, mme a se ke a ja ntho efe kapa efe e silafetseng. A ke a boloke tsohle tseo ke mo laetseng tsona.”


Ka baka leo, hlokomela hle, o se ke wa ba wa nwa veine, kapa seno se tahang; o se ke wa ja ntho efe kapa efe e silafetseng.


Bona, o tla emola, mme o belehe mora. O se ke wa ba wa beola moriri wa hae, hobane ho tloha popelong ngwana enwa e tla ba mokgethwa wa Modimo, mme o tla qala ho namolela Baiseraele matsohong a Bafilesita.”


Qetellong a mmolella nnete, a re ho yena: “Hlooho ya ka ha e eso ka e beolwa, hobane haesale ke le mokgethwa wa Modimo ho tloha popelong ya mme. Haeba nka beolwa, matla ana a ka a tla fela, ke fokole, ke be jwaloka monna e mong le e mong.”


Ka baka leo, le nna ke mo abela Morena. Ke mo abetse Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba hae.” Yaba ba kgumamela Morena hona moo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos