Letsibolo le leng le le leng la dibopuwa tsohle le nyehellwang Morena ke la hao; e ka ba la motho kapa la phoofolo. Leha ho le jwalo, letsibolo la motho o tla le lopolla, le letsibolo la phoofolo e sa hlwekang le lona o tla le lopolla.
Numere 3:41 - BIBELE Nna, ke leng Morena, o nkabele Balevi bohle, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le matsibolo wohle a diphoofolo tsa Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a diphoofolo tsa bana ba Iseraele.” Sesotho 1909/1961 (SO) O kgethele nna, ke leng Jehova, Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le dikgomo tsa Balevi bakeng sa matsibolo wohle a dikgomo tsa bana ba Iseraele. |
Letsibolo le leng le le leng la dibopuwa tsohle le nyehellwang Morena ke la hao; e ka ba la motho kapa la phoofolo. Leha ho le jwalo, letsibolo la motho o tla le lopolla, le letsibolo la phoofolo e sa hlwekang le lona o tla le lopolla.
“Bona, nna ka sebele ke nkile Balevi hara bana ba Iseraele, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele. Balevi e tla ba ba ka,
hobane matsibolo wohle ke a ka. Ka letsatsi leo ke neng ke bolaya matsibolo a naha ya Egepeta ka lona, ke ne ke halaletse matsibolo wohle a Baiseraele, a batho le a diphoofolo, hore e be a ka. Ke nna Morena.”
Yaba Moshe o bala matsibolo wohle a bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
“Nkabele Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le diphoofolo tsohle tsa Balevi bakeng sa matsibolo a bana ba Iseraele, mme Balevi e tla ba ba ka. Ke nna Morena.
“Hara bana ba Iseraele, Balevi ke ba ka ka ho tlala. Ke inketse bona bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.
Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”