Numere 3:21 - BIBELE Ho Gereshone ho tswile leloko la Balebeni, le leloko la Bashimei. Ana ke maloko a tswang ho Gereshone. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka Gershone ho hlahile ntlo ya Balibni le ntlo ya Bashimei; ke ao matlo a Bagershone. |
Ana ke mabitso a bara ba Levi, ka ho ya ka ho hlahlamana ha bona: Gereshone, le Kohate, le Merari. Levi o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Ana ke malapa a Levi: Lelapa la Lebeni, le lelapa la Heborone, le lelapa la Mahadi, le lelapa la Mushi, le lelapa la Kora. Kohate a tswala Amorame.
Bara ba Merari, ho ya ka malapa abo bona: Mahele, le Mushi; ana ke malapa a Balevi ho ya ka matlo a bo-ntata bona.
Palo ya ba maloko ana, ho ya ka bohle ba batona, ba badilweng, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse supileng le makgolo a mahlano.
Naheng ya Bashane bana ba Gereshone ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang malapeng a morabe wa Isakare, le a morabe wa Ashere, le a morabe wa Nafthali, le a karolo e nngwe ya morabe wa Manase.