Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 3:20 - BIBELE

20 Bara ba Merari, ho ya ka malapa abo bona: Mahele, le Mushi; ana ke malapa a Balevi ho ya ka matlo a bo-ntata bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 a bara ba Merari, ka matlo a bona ke ana: Mahali le Mushi. Ke wona matlo a Balevi ka matlo a bontata bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 3:20
15 Referencias Cruzadas  

Ho bara ba Merari, hlooho ya bona e ne e le Asaya, bana babo ba le makgolo a mabedi le mashome a mabedi.


Hara bara ba Jedutune e ne e le Gedaleya, le Seri, le Jeshaya, le Shimei, le Hashabiya, le Matiteya. Ba ne ba tsheletse, mme ba okametswe ke ntata bona Jedutune, ya neng a letsa harepa ha a phatlalatsa molaetsa wa Modimo, a leboha Morena, a bile a mo rorisa.


Bana ke bara ba Merari: Mahele le Mushi. Ana ke wona malapa a morabe wa Levi, ho ya ka bo-ntata bona.


Bara ba Merari: Merari a tswala Mahele, Mahele a tswala Lebeni, Lebeni a tswala Shimei, Shimei a tswala Usa,


Jwale Balevi bana ba qalella ho sebetsa: Mahate, mora wa Amasai, le Joele, mora wa Asariya, e leng ba morabe wa Kohate, le Kishe, mora wa Abade, le Asariya, mora wa Jehaleele, e leng ba morabe wa Merari, le Jowa, mora wa Simma, le Edene, mora wa Jowa, e leng ba morabe wa Gereshone,


Lenane la leloko la baprista le ne le hlophisitswe ho ya kamoo malapa abo bona a ngodisitsweng kateng bukeng ya lenane la leloko. Balevi bona, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, ba ne ba hlophisitswe ho ya ka mesebetsi ya bona le dihlopha tsa bona.


Ana ke mabitso a bara ba Levi, ka ho ya ka ho hlahlamana ha bona: Gereshone, le Kohate, le Merari. Levi o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.


Bara ba Merari ke Mahele le Mushi. Ana ke wona malapa a Balevi ka ho hlahlamana ha wona.


lelapa la Levi le basadi ba lona, lelapa la Shimei le basadi ba lona,


Bara ba Kohate, ho ya ka malapa abo bona: Amorare, le Isihare, le Heborone, le Usiele.


Ho Gereshone ho tswile leloko la Balebeni, le leloko la Bashimei. Ana ke maloko a tswang ho Gereshone.


Ho Merari ho tswile lelapa la Mahadi, le lelapa la Mushi. Ana ke malapa a Merari.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos