Hara bara ba Hemane teng e ne e le Bukiya, le Mataneya, le Usiele, le Shebuele, le Jerimote, le Hananiya, le Hanani, le Eleata, le Gidaleti, le Romameti-Esere, le Joshebekasha, le Maloti, le Hotire, le Mahasiote.
Jwale Balevi bana ba qalella ho sebetsa: Mahate, mora wa Amasai, le Joele, mora wa Asariya, e leng ba morabe wa Kohate, le Kishe, mora wa Abade, le Asariya, mora wa Jehaleele, e leng ba morabe wa Merari, le Jowa, mora wa Simma, le Edene, mora wa Jowa, e leng ba morabe wa Gereshone,
Ana ke mabitso a bara ba Levi, ka ho ya ka ho hlahlamana ha bona: Gereshone, le Kohate, le Merari. Levi o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Amorame a nka rakgadia hae Jokobeta, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Arone le Moshe. Amorame a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.