Ena ke meloko ya bara ba Nowe, e leng Sema le Kama le Jafeta. Kamora morallo wa metsi ba ne ba tswale bara.
Numere 3:1 - BIBELE Ena ke meloko ya Arone le Moshe, mohla Morena a neng a bua ho Moshe a le hodima thaba ya Sinai. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke bana bana ba Aarone le Moshe, mohla Jehova a buang le Moshe thabeng ya Sinai. |
Ena ke meloko ya bara ba Nowe, e leng Sema le Kama le Jafeta. Kamora morallo wa metsi ba ne ba tswale bara.
Ena ke yona tshimoloho ya lehodimo le lefatshe, ha di ne di hlolwa. Mohla Morena Modimo a etsang lefatshe le lehodimo,
Ena ke buka ya leloko la Adama. Mohla Modimo a hlolang motho o ile a mo bopa ka setshwano sa Modimo;
Ana ke mabitso a bara ba Levi, ka ho ya ka ho hlahlamana ha bona: Gereshone, le Kohate, le Merari. Levi o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Amorame a nka rakgadia hae Jokobeta, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Arone le Moshe. Amorame a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Ke bona bo-Arone le Moshe ba neng ba bue le Faro, kgosi ya Egepeta, ba re a lokolle bana ba Iseraele, ba tswe naheng ya Egepeta.
Ena ke melao eo Morena a e laetseng Moshe bakeng sa bana ba Iseraele, a le thabeng ya Sinai.
Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Ba hloma pela mekgele ya bona, ba tswela pele leetong, e mong le e mong le ba lelapa la hae, ho ya ka matlo a bo-ntata bona.