La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 23:12 - BIBELE

Bileame a mo arabela, a re: “Na ha ho jwalo? Ha ke a tshwanela ho bua seo Morena a itseng ke se bue?”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

A araba, a re: Ha ke re, ke tshwanetse ho bolela seo Jehova a se beileng molomong wa ka na?

Ver Capítulo



Numere 23:12
11 Referencias Cruzadas  

O tla bua le yena, o mo rute seo a tla se bua; nna ke tla le thusa hore le bue hantle, mme ke le rute seo le tla se etsa.


Leha a ka bua hamonate o se mo kgolwe, hobane bobe bo kgaphatseha pelong ya hae.


Modimo a fihla ho Bileame bosiu, mme a re ho yena: “Haeba banna bana ba tlilo o bitsa, ema, o tsamaye le bona. Feela wena o tla etsa seo ke tla o bolella sona.”


Bileame a re ho Balake: “Bona he, ke se ke le teng. Ke na le matla afe a ho bua letho? Ke tla bua feela seo Modimo a reng ke se bue.”


Balake a re ho Bileame: “Ke a o rapela; a re ke re ye le wena sebakeng se seng hape, moo o tla bona dira tsa ka ha o le hona teng. Ha o ka ke wa di bona kaofela, empa o tla bona karolonyana ya tsona feela. O nthohakele tsona o le hona moo.”


Bona, ke laetswe hore ke hlohonolofatse; o hlohonolofaditse, mme nke ke ka fetola.


Bileame a arabela, a re: “Na ha ke a ka ka o bolella hore sohle seo Modimo a se bolelang ke tshwanela ho se etsa?”


Jwale Bileame a re ho Balake: “Ema pela nyehelo ya hao ya setjheso, mme ke tla tsamaya, mohlomong Morena o tla tla nkgahlanyetsa. Eng kapa eng eo a mpontshang yona, ke tla o bolella yona.” Bileame a ikela a le inotshi hodima leralla le se nang letho.


‘Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena ka ho etsa ho lokileng kapa ho hobe, ke tla bua feela seo Morena a reng ke se bue’?”


hobane ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Kreste, empa ba sebeletsa dimpa tsa bona. Ka dipuo tse monate, tse qekang, ba thetsa dipelo tsa ba se nang bobe.


Ba bolela hore ba tseba Modimo, empa diketso tsa bona di a latola. Ba a nyonyeha, ba hana ho mamela, ba sitwa ho etsa letho le lokileng.