Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 24:13 - BIBELE

13 ‘Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena ka ho etsa ho lokileng kapa ho hobe, ke tla bua feela seo Morena a reng ke se bue’?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Leha Balake a ka nnea ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nka sitwa ho tlola taelo ya Jehova ka ho etsa botle leha e le bobe ke iqalla; seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se phetha.

Ver Capítulo Copiar




Numere 24:13
6 Referencias Cruzadas  

Moporofeta wa Modimo a re ho kgosi: “Leha o ne o ka nnea halofo ya leruo la hao, ke ne nke ke ka ya. Nke ke ka ja dijo, kapa ka nwa metsi sebakeng sena.


Empa Mmikiya a re: “Ka Morena ya phelang, ke tla bua feela tseo Morena a mpolellang tsona!”


Moshe a re: “Le tla tseba ke hona hore Morena o nthomile ho tla etsa mesebetsi ena yohle, le hore hase mesebetsi ya ka.


Bileame a arabela bahlanka ba Balake, a re: “Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena Modimo wa ka, ka ho etsa ntho e kgolo kapa e nyenyane.


Modimo a fihla ho Bileame bosiu, mme a re ho yena: “Haeba banna bana ba tlilo o bitsa, ema, o tsamaye le bona. Feela wena o tla etsa seo ke tla o bolella sona.”


Yaba Bileame o re ho bona: “Robaletsang mona bosiung bona, mme ke tla le arabela ho ya kamoo Morena a tla bua le nna kateng.” Mahosana ana a Moabe a robaletsa ha Bileame.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos