Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 22:38 - BIBELE

38 Bileame a re ho Balake: “Bona he, ke se ke le teng. Ke na le matla afe a ho bua letho? Ke tla bua feela seo Modimo a reng ke se bue.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Balaame a re ho Balake: Bona, ke tlile ho wena; empa na ke na le matla a ho bolela taba na? Ke tla bolela mantswe ao Modimo o tla a bea molomong wa ka.

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:38
16 Referencias Cruzadas  

Empa Mmikiya a re: “Ka Morena ya phelang, ke tla bua feela tseo Morena a mpolellang tsona!”


Empa kgosi ya re ho yena: “Eka kgona ke o laele hakae hore o se mpolelle letho, haese nnete feela, ka lebitso la Morena?”


Empa Mmikiya a re: “Ka Morena ya phelang, ke tla bua feela tseo Morena a mpolellang tsona!”


Morena o nyopisa merero ya ditjhaba, o folodisa mehopolo ya merabe.


ha Modimo a ema ho ahlola bohle, le ho pholosa bohle, bohle ba eisehang ba lefatshe.


Merero e mengata ka pelong ya motho, empa wa Morena wona o hlola kamehla.


Ke nna ya nyopisang dipontsho tsa baporofeta ba bohata, ya fetolang dinohe e be dithoto, ya nyopisang tsebo ya bahlalefi, a e fetole lefeelafeelane.


Ho tloha qalehong ke tsebisitse batho tsa ho qetela, ho tloha mehleng ya boholoholo ka ba tsebisa, ka ba tsebisa tse tla etsahala, ka re: ‘Merero ya ka e tla tiya, ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang.’


“Itswelle pele ka boreba ba hao, le ka boloi ba hao bo se nang palo, boo esale o bo emella ho tloha botjheng ba hao! Mohlomong bo tla o tlisetsa katleho, mohlomong ka bona o tshose dira tsa hao!


Bileame a arabela bahlanka ba Balake, a re: “Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena Modimo wa ka, ka ho etsa ntho e kgolo kapa e nyenyane.


Balake a re ho Bileame: “Na ha ke a ka ka fela ka roma maqosa ho ya o bitsa? Ke hobaneng o sa kang wa tla ho nna? Na ruri ke sitwa ho o tlotla?”


Bileame a tsamaya le Balake, ba ya fihla Kiriate-Husote.


Yaba Bileame o re ho bona: “Robaletsang mona bosiung bona, mme ke tla le arabela ho ya kamoo Morena a tla bua le nna kateng.” Mahosana ana a Moabe a robaletsa ha Bileame.


Morena a kopana le Bileame, a mmolella hore na a tle a reng, mme a re: “Kgutlela ho Balake, o bue tjena.”


Bileame a arabela, a re: “Na ha ke a ka ka o bolella hore sohle seo Modimo a se bolelang ke tshwanela ho se etsa?”


‘Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena ka ho etsa ho lokileng kapa ho hobe, ke tla bua feela seo Morena a reng ke se bue’?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos