E be konyana e tona, e se nang sepha, e nang le selemo. Le kgethe konyana kapa potsanyane.
Numere 19:2 - BIBELE “Ena ke taelo ya molao, eo Morena a e laetseng: Bua le bana ba Iseraele, o re ba o tlisetse sethole se sekgunwana, se se nang sepha, se esong ho panwe. Sesotho 1909/1961 (SO) Hona ke taelo le molao oo Jehova a o beang ka ho re: Bolella bana ba Iseraele hore ba o tlisetse sethole sa kgomo se sekgunwana, se hlokang sekodi, se se nang bohole, se esong ho kenngwe jokong. |
E be konyana e tona, e se nang sepha, e nang le selemo. Le kgethe konyana kapa potsanyane.
“Tloong re lokise ditaba,” ho rialo Morena. “Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu tlere! di tla sweufala jwaloka boya.
“Dibe tsa ka tsohle Morena o a di tseba, ka tsoho la hae a di loha, tsa etsa thapo, molaleng wa ka a di tlama jwaloka joko, boima ba tsona ba mphokodisa haholo. Morena o neelane ka nna ho dira tsa ka, a nnea bao nke keng ka ba lwantsha.
“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le e tswang mohlapeng wa dinku kapa wa dipodi, hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha.
“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena.
Moprista o tla nka nonyana e phelang, le thupa ya kedare, le kgwele e kgubedu, le lehlaku la hisopa, a di ine kaofela ka mading a nonyana e ileng ya bolawa.
Jwale moprista a nke patsi ya sefate sa kedare, le lehlaku la hisopa, le kgwele e kgubedu, a di akgele mollong, moo sethole se ntseng se etjha teng.
Yaba moprista Eleasare o re ho bahlabani ba tswang ntweng: “Ena ke taelo ya molao, eo Morena a e laetseng Moshe:
Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.
Ha ho fumanehile hore na motse o haufi le setopo ke ofe, baholo ba motse oo ba tla nka kgomo ya sethole hara mohlape. Sethole seo e be se eso ka se thapiswa, se eso ka se panwa.
Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo.
Ke tse amanang le dijo, le dino, le ho itlhatswa ha mefutafuta, e leng meetlo ya botho feela, e neng e tla sebetsa ho fihlela Modimo a lokisa dintho botjha.
empa ke ka madi a bohlokwa, a kang a konyana e se nang sekodi, leha e le letheba, e leng a Kreste.
le ke Jesu Kreste, eo e leng yena paki e tshepahalang, wa pele ya tsohileng bafung, le mmusi wa dikgosi tsohle tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe ka madi a hae,
“Ka baka leo he, etsang koloi e ntjha, le nke le dikgomo tse pedi tsa ditswetse, tse esong ho ka di panwa, le di pane koloing, le kgethele manamane a tsona, le a kgutlisetse sakeng.