Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:5 - BIBELE

5 E be konyana e tona, e se nang sepha, e nang le selemo. Le kgethe konyana kapa potsanyane.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 E be konyana e se nang sekodi, e tona, ya lemo se le seng; le inkele yona dinkung leha e le dipoding.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:5
14 Referencias Cruzadas  

Haeba lelapa le le lenyenyane haholo, hoo le ke keng la lekana ho ja konyana, le e kopanele le lelapa le bapileng le lona, e arolelanwe ho ya ka palo ya batho ba tla e ja.


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le e tswang mohlapeng wa dinku kapa wa dipodi, hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha.


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena.


Ka letsatsi leo le akgotsang ngata ka lona, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso ka konyana e tona, e nang le selemo, e se nang sepha.


“Ho madimabe mothetsi eo ereng ha a ena le phoofolo e tona mohlapeng wa hae, e ka amohelehang, a ikane hore o tla nyehela ka yona, empa ebe o etsetsa Morena sehlabelo ka e nang le sepha! Etswe nna ke kgosi e kgolo,” ho rialo Morena wa mabotho, “mme ke lokela ho hlomphuwa hara ditjhaba.”


Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso.


Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso.


“Le se ke la etsetsa Morena Modimo wa lona, sehlabelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le sepha, kapa ka eng le eng e nang le sepha, hobane tse jwalo ke manyala ho Morena Modimo wa lona.


Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo.


Saule o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo ha a qala ho busa Iseraele. E bile kgosi ya Iseraele ka dilemo tse pedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos