Ana ke mabitso a bara ba Levi, ka ho ya ka ho hlahlamana ha bona: Gereshone, le Kohate, le Merari. Levi o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Numere 17:3 - BIBELE Lebitso la Arone lona o le ngole hodima molamu wa Levi. Mookamedi e mong le e mong wa lelapa la bo-ntatae a be le molamu o le mong. Sesotho 1909/1961 (SO) O tla ngola lebitso la e mong le e mong thupeng ya hae, mme o tla ngola lebitso la Aarone thupeng ya Levi; hobane ho tla ba thupa e le nngwe ka morena e mong le e mong wa matlo a bontata bona. |
Ana ke mabitso a bara ba Levi, ka ho ya ka ho hlahlamana ha bona: Gereshone, le Kohate, le Merari. Levi o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Amorame a nka rakgadia hae Jokobeta, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Arone le Moshe. Amorame a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
hobane ha le ne le nthoma ho Morena Modimo wa lona, le ne le etsa boikaketsi bo tla le timetsa, ha le re: ‘Re rapelle ho Morena Modimo wa hao; o re bolelle tsohle tseo Morena Modimo wa hao, a tla di bua, mme re tla di etsa.’
“Wena ngwana motho, nka molamu o le mong, o ngole hodima wona, o re: ‘Ke wa Juda le bana ba Iseraele ba thusanang le yena.’ Ebe o nka molamu o mong hape, o ngola hodima wona, o re: ‘Ke wa Josefa, molamu wa Efraime le bohle ba ntlo ya Iseraele ba thusanang le yena.’
“Bua le bana ba Iseraele, mme o nke molamu o le mong lapeng le leng le le leng la bo-ntata bona, le ho mahosana wohle a bona, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E be melamu e leshome le metso e mmedi, o ngole lebitso la monna e mong le e mong hodima molamu wa hae.
Melamu ena o e bee ka Tenteng ya Morena, kapele ho areka ya selekane, e leng moo ke kopanang le wena teng.
Morena a re ho Arone: “Wena le bara ba hao, le ba lelapa la ntatao, le tla ikarabella bakeng sa bokgopo bo ka silafatsang Sehalalelo. Wena le bara ba hao le tla jara bokgopo ba boprista ba lona.
Wena le bara ba hao le tla sebeletsa le baprista mesebetsing yohle ya aletare, le ho tsohle tse ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa. Ke o nea boprista e le mpho, empa e mong osele ya ka atamelang, a bolawe.”
Lefatshe le ile la ahlama, mme la ba kwenya mmoho le Kora, ha sehlopha seo se eshwa. Ke mohla mollo o timetsang batho ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Hona ya eba sesupa ho setjhaba.