Ha ba ntse ba bolaya batho jwalo, ke ne ke setse ke le inotshi. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ke howa haholo, ke re: “Oho, Morena Modimo! Na o tla timetsa masalla wohle a Iseraele ha o hlatsetsa kgalefo ya hao hodima Jerusalema?”
Numere 16:4 - BIBELE Ha Moshe a utlwa taba ena a itihela fatshe ka sefahleho, Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe eitse ha a utlwa taba eo, a itihela fatshe ka sefahleho. |
Ha ba ntse ba bolaya batho jwalo, ke ne ke setse ke le inotshi. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ke howa haholo, ke re: “Oho, Morena Modimo! Na o tla timetsa masalla wohle a Iseraele ha o hlatsetsa kgalefo ya hao hodima Jerusalema?”
Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho kapele ho phutheho yohle ya setjhaba sa bana ba Iseraele.
Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Oho, Modimo, Modimo wa meya ya batho bohle, na o ka halefela setjhaba see sohle ka baka la sebe sa motho a le mong?”
“Tlohang hara setjhaba sena, ke tla se timetsa ka ho panya ha ntshi!” Bona ba itihela fatshe ka difahleho.
a bua le Kora le balatedi ba hae, a re: “Hosasane Morena o tla bontsha eo e leng wa hae, le hore na ya halalelang ke mang, mme a mo atametse pela hae. Eo a tla mo kgetha, o tla mo atametsa pela hae.
Bo-Moshe le Arone ba tloha setjhabeng, ba ya monyakong wa Tente ya Morena. Ba itihela fatshe ka difahleho, mme tlotla ya Morena ya iponahatsa ho bona.
Joshua le baholo ba Iseraele ba hahola diaparo tsa bona, ba itihela fatshe ka difahleho, kapele ho areka ya Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba itshela ka lerole dihloohong.