Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:45 - BIBELE

45 “Tlohang hara setjhaba sena, ke tla se timetsa ka ho panya ha ntshi!” Bona ba itihela fatshe ka difahleho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Tlohang hara phutheho ena, ke tle ke e timeletse hanghang. Yaba ba itihela fatshe ka difahleho.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:45
8 Referencias Cruzadas  

Lota a tswa, a ya bua le bakgwenyana ba hae, ba nkileng baradi ba hae, a re: “Tsohang, le tswe motseng ona, hobane Morena o lekgatheng la ho o timetsa!” Empa bakgwenyana ba bona eka o a swaswa.


Ha Davida a re mahlo tloha! a bona lengeloi la Morena le eme sepakapakeng, le tshwere sabole, le e kokoseditse hodima Jerusalema. Bo-Davida le baholo ba setjhaba, ba neng ba apere diaparo tse mahwashe, ba obamela fatshe ka difahleho.


“Bolella setjhaba, o re: ‘Tlohang diahelong tsa Kora, le tsa Datane, le tsa Abirame!’ ”


Moshe a bua ho setjhaba, a re: “Ke a le rapela, tlohang ditenteng tsa banna bana ba kgopo, le se ke la ama letho leo e leng la bona, esere la timetswa ke sebe sa bona.”


Morena a bua ho Moshe, a re:


Bo-Moshe le Arone ba tloha setjhabeng, ba ya monyakong wa Tente ya Morena. Ba itihela fatshe ka difahleho, mme tlotla ya Morena ya iponahatsa ho bona.


A ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senwelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang wena kateng, e seng nna.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos