Numere 13:8 - BIBELE morabeng wa Efraime e le Joshua, mora wa Nune; Sesotho 1909/1961 (SO) lelokong la Efraime, Hosea, mora Nune; |
Ha Joshua a utlwa lerata la setjhaba ha se ntse se howeletsa, a re ho Moshe: “Ho na le lerata la ntwa diahelong!”
Yaba ho bua Joshua, mora wa Nune, lehlahana la Moshe, e leng e mong wa banna ba hae ba kgethilweng, o re: “Moshe, monga ka, ba thibele!”
Ana ke mabitso a banna bao Moshe a ileng a ba roma ho ya hlwela naha. Mora wa Nune, e leng Hoshea, Moshe a mo rea lebitso la Joshua.
Morena a re ho Moshe: “Bona, matsatsi a ho shwa ha hao a ntse a atamela. Bitsa Joshua, o tle le yena ka Tenteng ya Morena, mme ke tla mo nea taelo.” Bo-Moshe le Joshua ba ya, ba kena ka Tenteng ya Morena.
Morena a laela Joshua, mora wa Nune, a re: “Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla fihlisa bana ba Iseraele naheng eo ke ba hlapanyeditseng yona. Ke tla ba le wena.”
Jwale Moshe, a ena le Joshua mora wa Nune, a tla, a phetela setjhaba mantswe wohle a sefela sena.
Joshua, mora wa Nune, o ne a tletse moya wa bohlale, hobane Moshe o ne a ile a mmea matsoho. Bana ba Iseraele ba mo mamela, ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
Ba araba Joshua, ba re: “Re tla etsa tsohle tseo o re laetseng tsona, mme hohle moo o tla re romela teng re tla ya.
Ho ya ka taelo ya Morena, ba mo nea motse oo a o kopileng, e leng Timina-Sera, e naheng e maralla ya Efraime. A tsosa motse oo, mme a aha teng.