Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:28 - BIBELE

28 Yaba ho bua Joshua, mora wa Nune, lehlahana la Moshe, e leng e mong wa banna ba hae ba kgethilweng, o re: “Moshe, monga ka, ba thibele!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Joshua, mora Nune, e neng e le mohlanka wa Moshe haesale botjheng ba hae, a bua, a re: Morenaka, Moshe, ba thibele!

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:28
9 Referencias Cruzadas  

Eleshama a tswala Nune, Nune a tswala Joshua.


Moshe a re ho Joshua: “Re kgethele banna, o tsamaye, o yo lwantsha Baamaleke. Hosasane nna ke tla ema hodima tlhoro ya leralla, ke tshwere molamu wa Modimo ka letsohong la ka.”


Moshe a tsamaya le lehlahana la hae, Joshua, mme Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo.


Morena o ne a ye a bue le Moshe, difahleho di tadimane, jwalokaha motho a bua le motswalle wa hae. Moshe o ne a ye a kgutlele diahelong, empa lehlahana la hae Joshua, mora wa Nune, wa mohlankana, yena o ne a sa ke be a tswe ka Tenteng.


Mohlankanyana a matha, a bolella Moshe, a re: “Bo-Eledade le Medade ba ntse ba porofeta ka diahelong!”


Ba tla ho Johanne, ba re ho yena: “Rabbi, ya bileng le wena mose ho Jorodane, eo o mo pakileng, bona, o a kolobetsa, mme bohle ba ya ho yena.”


Hoba Moshe, mohlanka wa Morena, a shwe, Morena a bua ho Joshua, mora wa Nune, lehlahana la Moshe, a re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos