Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 32:17 - BIBELE

17 Ha Joshua a utlwa lerata la setjhaba ha se ntse se howeletsa, a re ho Moshe: “Ho na le lerata la ntwa diahelong!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Joshua a utlwa mantswe a setjhaba ha se ntse se duduetsa; a re ho Moshe: Ho na le modumo wa ntwa diahelong.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:17
20 Referencias Cruzadas  

Eleshama a tswala Nune, Nune a tswala Joshua.


Ha naka le lla e a howa, e re: ‘Aha!’ E dupa monko wa ntwa e sa le hole! E dupe mehoo ya balaodi le mekgosi ya ntwa.


Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Moshe a re ho Joshua: “Re kgethele banna, o tsamaye, o yo lwantsha Baamaleke. Hosasane nna ke tla ema hodima tlhoro ya leralla, ke tshwere molamu wa Modimo ka letsohong la ka.”


Moshe a tsamaya le lehlahana la hae, Joshua, mme Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo.


Matlapa ana a ne a entswe ke Modimo; le mongolo e ne e le mongolo wa Modimo; o ngotswe matlapeng.


Empa Moshe a re: “Hase lerata la ho thabela tlholo, hase lerata la ho llela ho hlolwa; nna ke utlwa lerata la batho ba binang.”


Ka la hosasane ba tsoha ka madungwadungwana, ba nyehela ka mahlabelo a setjheso, ba tlisa le mahlabelo a teboho; setjhaba sa dula fatshe, sa eja, sa enwa; yaba se a ema, se a bapala.


Morena wa mabotho o se a ikanne: Ke tla tlatsa batho hara naha ya hao, bongata ba bona bo lekane le ba ditsie; ba tla o hlabela mekgosi ya ho o hlola.”


Marako a Raba ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse, hara mokorotlo, mohla tsatsi la ntwa, hara lehoduotswana, mohla tsatsi la sefefo.


Naha ya Moabe ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Keriote ke a timetse. Moabe e tla timela ho le morusu, ho le mokorotlo, ho lla lenaka.


Joshua a laela setjhaba, a re: “Le se ke la howa, leha e le ho hweshetsa; ho se be lentswe le tswang melomong ya lona, ho fihlela mohla letsatsi leo ka lona ke le laelang hore le howe, ebe lea howa.”


Yare ha ba potoloha lekgetlo la bosupa, baprista ba letsa manaka, Joshua a re ho setjhaba: “Howang, hobane Morena o le neile motse ona!


Yaba setjhaba se a howa, le baprista ba letsa manaka. Yare ha setjhaba se utlwa modumo wa manaka, sa howa haholo, mme lerako la helehela fatshe. Setjhaba sa kena ka motseng, monna ka mong a tobile pele feela, mme ba hapa motse oo.


Ere ha ba letsa lenaka la pheleu halelele, mme lona le utlwa modumo wa lenaka, setjhaba sohle se howe haholo; lerako la motse le tla helehela fatshe, mme setjhaba sohle se le tlole, monna ka mong a be a se a toba pele.”


Ha Samosone a fihla Lehi, Bafilesita ba tla ba howeletsa, ha ba kopana le yena. Moya wa Morena wa theohela ka matla hodima Samosone. Mehala e mo tlamileng matsohong ya ka dikgwele tsa lene tse tjhesitsweng ka mollo, mme tsa tlamoloha matsohong a hae.


Davida a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a siya dinku le modisana e mong; a nka dijo, a tsamaya jwalokaha Jese a ne a mo laetse. A fihla diahelong tsa Baiseraele ka nako eo lebotho le neng le etswa, le eya lebaleng la ntwa. Lebotho le ne le ntse le hlaba mokgosi wa ntwa.


Jwale banna ba Iseraele le banna ba morabe wa Juda ba raoha, ba hlaba mokgosi, ba phaladisa Bafilesita ho ya fihla Gate le dikgorong tsa Ekerone. Mahlatsipa a Bafilesita ba weleng a etsa mohoula ho tloha Shaaraime, ho ya fihla Gate, le ho ya fihla Ekerone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos