Balevi, e leng ditloholo tsa Jeshua le Kademiele, ba lelapa la Hodafiya, e ne e le mashome a supileng a metso e mene.
Nehemia 7:43 - BIBELE “Balevi, e leng ditloholo tsa Jeshua, le Kademiele, ba leloko la Hodefa, e ne e le mashome a supileng a metso e mene. Sesotho 1909/1961 (SO) Haele Balevi, ya eba bana ba Joshua le Kadmiele, le bana ba Hodva, ba mashome a supileng a metso e mene. |
Balevi, e leng ditloholo tsa Jeshua le Kademiele, ba lelapa la Hodafiya, e ne e le mashome a supileng a metso e mene.
Batho bana ke bona baetapele ba ileng ba aha Jerusalema. E ne e le Baiseraele ba bang, le baprista, le Balevi, le basebeletsi ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, athe ba bang bona ba ile ba aha metseng ya habo bona, e naheng ya Juda.
Balevi e ne e le Jeshua, le Binui, le Kademiele, le Sherebiya, le Juda. Bo-Mataneya le bana babo e ne e le bona ba tsamaisang difela tsa teboho.
Refaya, mora wa Hure, mmusi wa karolo e nngwe ya Jerusalema, a tsosa lerako a bapile le Hananiya.
“Dibini, e leng ditloholo tsa Asafo, e ne e le lekgolo le mashome a mane a metso e robedi.