Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 11:3 - BIBELE

3 Batho bana ke bona baetapele ba ileng ba aha Jerusalema. E ne e le Baiseraele ba bang, le baprista, le Balevi, le basebeletsi ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, athe ba bang bona ba ile ba aha metseng ya habo bona, e naheng ya Juda.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ke tsena dihlooho tsa mathoko tse ileng tsa aha Jerusalema, athe Baiseraele, ba bang, le baprista, le Balevi, le Banethinime, le bara ba bafo ba Salomone, ba ya aha metseng ya Juda, e mong le e mong naheng e ruilweng ke yena, motseng wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 11:3
14 Referencias Cruzadas  

Bana ke baahi ba naha ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a ile a ba thopa, a ba isa Babilona. Jwale ba boela ba kgutlela Jerusalema le naheng ya Juda; motho ka mong a kgutlela motseng wa habo.


Basebeletsi ba Tempele e ne e le ditloholo tsa Siha, le tsa Hasufa, le tsa Tabaote,


Baprista, le Balevi, le ba bang ba setjhaba, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, ba boela ba aha metseng ya bona, mme Baiseraele bohle ba aha metseng ya bona.


Baiseraele ba bang, le baprista, le Balevi, ba ne ba ahile metseng yohle ya Juda, motho ka mong a aha dithakong tsa ntatae.


Ba bang ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, ba aha Jerusalema. Ho ba morabe wa Juda e ne e le bana: Ataya, mora wa Usiya, Usiya ya tswetsweng ke Sekariya, Sekariya ya tswetsweng ke Amariya, Amariya ya tswetsweng ke Shefatiya, Shefatiya ya tswetsweng ke Mahalalele, wa bara ba Perese,


“Baprista, e leng bara ba Jedaya, wa lelapa la Jeshua, ba ne ba le makgolo a robong le mashome a supileng a metso e meraro;


“Balevi, e leng ditloholo tsa Jeshua, le Kademiele, ba leloko la Hodefa, e ne e le mashome a supileng a metso e mene.


“Basebeletsi ba Tempele e ne e le ditloholo tsa Siha, le tsa Hasufa, le tsa Tabaote,


“Bana ke baahi ba naha ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a ile a ba thopa, a ba isa Babilona. Jwale ba boela ba kgutlela Jerusalema, le naheng ya Juda; motho ka mong a kgutlela motseng wa habo.


Ba ne ba tle le Serubabele, le Jeshua, le Nehemia, le Asariya, le Raamiya, le Nahamani, le Moredekai, le Bileshane, le Miseperete, le Bigifai, le Nehume, le Baana. “Palo ya banna ba setjhaba sa Iseraele ke ena:


Baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le karolo e nngwe ya setjhaba, le basebeletsi ba Tempele, le Baiseraele bohle, ba aha metseng ya bona. Ha kgwedi ya bosupa e thwasa, bana ba Iseraele ba ne ba se ba le metseng ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos