Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 12:8 - BIBELE

8 Balevi e ne e le Jeshua, le Binui, le Kademiele, le Sherebiya, le Juda. Bo-Mataneya le bana babo e ne e le bona ba tsamaisang difela tsa teboho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Balevi e ne e le Joshua, Binnui, Kadmiele, Sherebia, Juda, Matthania, ya neng a tsamaisa difela, e le yena le banababo.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 12:8
12 Referencias Cruzadas  

Bao e neng e le dibini le dihlooho tsa malapa a Balevi, ba ne ba dula ka dikamoreng tsa Tempele, ba sa sebetse mesebetsi e meng, hobane bona ba ne ba sebetsa motsheare le bosiu.


Balevi, e leng ditloholo tsa Jeshua le Kademiele, ba lelapa la Hodafiya, e ne e le mashome a supileng a metso e mene.


Jwale Jeshua, mora wa Josadake, a ema, a ena le bana babo, e leng baprista, le Serubabele, mora wa Shealetiele, le yena a ena le bana babo. Bana bohle ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, hore ba tle ba nyehelle dinyehelo tsa setjheso hodima yona, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, moporofeta wa Modimo.


Mataneya, mora wa Mmika, Mmika ya tswetsweng ke Sabedi, Sabedi ya tswetsweng ke Asafo, yena e ne e le motsamaisi wa dibini le moetapele wa dithapelo. Bakabukiya e ne e le motlatsi wa Mataneya. Hape e le Abada, mora wa Shamua, Shamua ya tswetsweng ke Galale, Galale ya tswetsweng ke Jedutune.


Mookamedi wa Balevi Jerusalema, o ne e le Usi, mora wa Bani, Bani ya tswetsweng ka Hashabiya, Hashabiya ya tswetsweng ke Mataneya, Mataneya ya tswetsweng ke Mmika. Bara ba Asafo, bao e neng e le dibini, ba ne ba okametse tshebeletso ya Tempele ya Modimo.


Dihlooho tsa Balevi e ne e le bo-Hashabiya, le Sherebiya, le Jeshua, mora wa Kademiele, le bana babo bona, ba neng ba ema ba tobane le bona, ba rorisa, ba leboha Modimo, ho ya ka taelo ya Davida, mohlanka wa Modimo, mme ba neeletsana ha ba bina.


le Salo, le Amoke, le Hilekiya, le Jedaya. Bana e ne e le dihlooho tsa baprista, le tsa bana babo bona, mehleng ya Jeshua.


Bakabukiya le Uni, le bana babo bona, bona ba ne ba bina ba tobane le bo-Mataneya.


“Balevi, e leng ditloholo tsa Jeshua, le Kademiele, ba leloko la Hodefa, e ne e le mashome a supileng a metso e mene.


le tsa Lebana, le tsa Hagaba, le tsa Salemai,


Jwale Balevi, e leng bo-Jeshua, le Bani, le Kademiele, le Shebaniya, le Buni, le Sherebiya, le Bani, le Kenani, ba ema sethaleng, ba ipiletsa ho Morena Modimo wa bona, ka mantswe a phahameng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos