La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 5:14 - BIBELE

Ho tloha mohla ke kgethwang hore ke be mmusisi naheng ya Juda, e leng ho tloha ka selemo sa mashome a mabedi, ho isa ho sa mashome a mararo a metso e mmedi sa puso ya kgosi Aretaseresese, ke ho re ka dilemo tse leshome le metso e mmedi, rona le bana beso, ha re a ka ra ja dijo tseo e leng seabo sa mmusisi.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ho hong ke hoba, haesale morena a ntaela hore ke be mmusisi wa bona naheng ya Juda, ho tloha selemong sa mashome a mabedi ho isa selemong sa mashome a mararo a metso e mmedi sa ho busa ha Artakserksese, e leng dilemo tse leshome le metso e mmedi, nna le banabeso, ha re a ka ra ja bohobe ba mmusisi.

Ver Capítulo



Nehemia 5:14
9 Referencias Cruzadas  

Tsena ke dipolelo tsa Nehemia, mora wa Hakaleya: Ka kgwedi ya Tshitwe, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ke ne ke le motseng wa kgosi, wa Shushane.


Empa ka nako ena yohle, nna Nehemia, ke ne ke se Jerusalema, hobane ka selemo sa mashome a mararo a metso e mmedi sa puso ya Aretaseresese, kgosi ya Babilona, ke ne ke ye ho yena. Kamora nako e itseng ka kopa hore kgosi e ntokolle, ke tsamaye.


Ka kgwedi ya Mmesa, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya kgosi Aretaseresese, veine e ne e beilwe kapele ho yena. Ka nka veine ena, ka e nea kgosi. Pele ho mona, ke ne ke eso ka ke ema kapele ho kgosi ke hlorile.


ya amohetseng ditalenta tse hlano a phakisa a hweba ka tsona, a etsa phaello ya tse hlano.


Jwale moputso wa ka ke ofe? Ke hore ke bolele molaetsa o molemo ke sa lefuwe, ka ho se sebedise tokelo eo ke nang le yona ka baka la mosebetsi wa ho phatlalatsa molaetsa oo.