Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 25:16 - BIBELE

16 ya amohetseng ditalenta tse hlano a phakisa a hweba ka tsona, a etsa phaello ya tse hlano.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ya nkileng ditalenta tse hlano a phakisa a ya, a hweba ka tsona, a rua ditalenta tse ding tse hlano.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Ya neng a amohetse ditalenta tse hlano a ya, a hweba ka tsona, a fumana tse ding tse hlano.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ya neng a amohetse ditalenta tse hlano a ya, a hweba ka tsona, a fumana tse ding tse hlano.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 25:16
27 Referencias Cruzadas  

Jwale kgosi Davida a ema, a re: “Mmameleng, lona bana beso, le setjhaba sa heso. Ke ne ke ena le maikutlo a ho hahela areka ya selekane sa Morena Tempele, eo e tla dula ka ho yona, le moo Modimo wa rona a tla namela teng, mme ke se ke entse ditokiso tsa ho e haha.


Phaello eo e tla e fumana ka kgwebo ya yona e tla e abela Morena. E ke ke ya boloka phaello eo ho ithuisa ka yona, empa e tla newa ba kgumamelang Morena, mme bona ba tla kgora, ba apare tse majabajaba.


Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao, kgosatsana tsa tsona e be baanyesi ba hao. Di tla o obamela fahleho di tadimile fatshe, di be di nyeke lerole le maotong a hao. Ke moo o tla tseba hore Morena ke nna, hobane ba ntshepileng ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”


Eitse ha e qala ho etsa jwalo, ya tlisetswa e mong ya nang le molato wa tjhelete e ditalenta tse kete tse leshome.


Ka mokgwa o jwalo ya amohetseng tse pedi a etsa phaello ya tse pedi.


Hoba a bitse ba leshome ba bahlanka ba hae, a nea e mong le e mong wa bona mina, a nto re ho bona: ‘Hwebang ka tsona, ho fihlela ke kgutla.’


“Efela Davida hoba a sebeletse moloko wa hae, a phethe thato ya Modimo bophelong ba hae, o ile a ithoballa, a epelwa pela bo-ntatae, a bola.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.


Sehwai ke sona se lokelang ho shwama pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos