La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 4:4 - BIBELE

Yaba Nehemia o re: “Re utlwe, Modimo wa rona, hobane re a nyediswa. Ako busetse thohako ena hodima bona, ba tlatlapuwe, ba iswe naheng ya baditjhaba e le bathopuwa.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Oho, Modimo wa rona, utlwa kamoo re entsweng sekgobo kateng; o busetse dihlapa tsa bona hloohong tsa bona, mme o ba neele hore ba ya ho tlatlapuwa naheng ya kgoleho.

Ver Capítulo



Nehemia 4:4
7 Referencias Cruzadas  

Ka boela ka re: “Ntho ena eo le e etsang ha e a loka. Le tshwanela ho phela ka ho tshaba Modimo wa rona, e le hore baditjhaba, e leng dira tsa rona, ba tle ba se ke ba re nyatsa.


Morena, bao re ahisaneng le bona o ke o ba buseletse hasupa dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona.


Morena o soma baikakasi, athe baikokobetsi o a ba hauhela.


Bokgopo ba dira tseo bo pepesehe ho wena, le tsona kotlo ya tsona di e fumane, o di otle jwalokaha le nna o nkotlile, o nkotla ka baka la dibe tsa ka tsohle. Mefehelo ya ka e mengata haholo, pelo ya ka le yona e nyahame.”


Efraime o phepheditse Morena wa hae haholo, kahoo molato wa ho tsholla madi e tla ba wa hae, Morena a mo otlele nyefolo eo a nyefotseng ka yona.


Davida a bua ho banna ba neng ba eme pela hae, a re: “Monna ya ka bolayang Mofilesita eo, mme a tlosa sekgobo hara Baiseraele, o tla putswa kang? Mofilesita eo wa leqai yena ke mang, a ka tlakang mabotho a Modimo ya phelang?”