Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 4:3 - BIBELE

3 Tobiya wa Moamone, o ne a eme pela hae, mme yena a re: “Lerakonyana lena la majwe, leo ba le hahang, ha phokojwe e ka hlwella hodima lona le ka heleha!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Tobia Moammone, ya neng a eme pela hae, a re: Mme seo ba se hahang, leha phokojwe e ka hlwella teng, e ka heletsa lerako la bona la majwe!

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 4:3
8 Referencias Cruzadas  

Bene-Hadade a boela a romela molaetsa ho yena, a re: “Ke tla futuhela Samaria ka boiyane ba bahlabani, hoo ha e mong le e mong wa bona a ka ngwatha lefupu la mobu wa teng, o ke ke wa ba lekana. Haeba ke sa etse jwalo, medimo e nketse tjena le tjena, esita le ho fetisa moo.”


Yaba o re: “Ebang ba tla ka kgotso, kapa ba tla ka ntwa, le ba thope.”


“ ‘Ka baka leo, ke o tswela kgomo: Etsa ditumellano le monga ka, kgosi ya Asiria, mme ke tla o nea dipere tse dikete tse pedi, haeba o na le ba ka di palamang.


Ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, ba utlwela taba ena ya hore ho fihlile monna ya tlilo ntlafatsa tsa bophelo ba bana ba Iseraele, ba tshwenyeha haholo.


Empa ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, le Gashemu wa Moarabia, ba utlwela hona, ba re soma, ba re nyedisa, mme ba re: “Ke ntho nngwe ee, eo le e etsang? Na le fela le fetohela kgosi?”


Jwale bo-Sanebalate, le Tobiya, le Gashemu wa Moarabia, le ba bang ba dira tsa rona, ba utlwela hore ke se ke hahile lerako, le hore ha le sa na dikgeo, le hoja ka nako eo menyako e ne e eso kenngwe mamati.


Kahobane thaba ya Sione e le feela, phokojwe di nyanyaka hara masupi a yona.


“Moamone kapa Momoabe, kapa ditloholo tsa bona, ho ya fihla molokong wa leshome, ba se ke ba dumellwa ho kena ka phuthehong ya Morena kamehla yohle,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos