Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Oho, Modimo wa rona, utlwa kamoo re entsweng sekgobo kateng; o busetse dihlapa tsa bona hloohong tsa bona, mme o ba neele hore ba ya ho tlatlapuwa naheng ya kgoleho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Yaba Nehemia o re: “Re utlwe, Modimo wa rona, hobane re a nyediswa. Ako busetse thohako ena hodima bona, ba tlatlapuwe, ba iswe naheng ya baditjhaba e le bathopuwa.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 4:4
7 Referencias Cruzadas  

Yaba ke re: Seo le se etsang hase setle. Ha ke re, le ne le tshwanetse ho tsamaya tshabong ya Modimo wa rona, re tle re se ke ra kgoptjwa ke ditjhaba tseo e leng dira tsa rona?


Morena, o busetse hasupa difubeng tsa ba mabapa le rona dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona!


Basomi o ba soma ruri, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Bolotsana kaofela ba bona bo ke bo hlahe pela hao, o ba etse kamoo o nkentseng kateng ka baka la bokwenehi bohle ba ka, hobane ho fehelwa ha ka ho hoholo, mme pelo ya ka e a shwa.


Efraime o halefisitse Jehova hampe; o tla mmolokela melato ya hae ya madi, Morena wa hae a busetse ho tlotlolla ha hae ho yena.


Davida a re ho banna bao a emeng le bona: Ho tla etsetswang monna ya ka bolayang Mofilesta eo, ya tlosang nyediso Iseraeleng na? Mofilesta eo wa leqai ke motho ya jwang, ha a nyedisa makgotla a Modimo o utlwang?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos