Joabe a re: “Haeba Baarame ba ka nkimela, wena o tla nthusetsa; le nna, ke tla o thusetsa haeba Baamone ba ka o imela.
Nehemia 4:20 - BIBELE Kae kapa kae, moo le tla utlwa lenaka le lla teng, le bokanele hona teng ho rona, mme Modimo wa rona o tla re lwanela!” Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ho le jwalo, hlong le phuthehele ho rona nqalong efe le efe eo le tla utlwa modumo wa terompeta o etswa teng; Modimo wa rona o tla re lwanela. |
Joabe a re: “Haeba Baarame ba ka nkimela, wena o tla nthusetsa; le nna, ke tla o thusetsa haeba Baamone ba ka o imela.
Yaba ke re ho mahosana, le ho babusi, le ho setjhaba sohle: “Mosebetsi ona o moholo, o nametse hole, mme re se re qaqolohane haholo, ho ya le lerako lena.
Yaba re ntse re sebetsa, mme halofo e nngwe ya bona e tshwere marumo ho tloha hoseng, ho fihlela ha dinaledi di hlaha.
A kgina mabidi a dikariki tsa bona tsa ntwa, mme dikariki tsa ntwa tsa tsamaya haboima. Baegepeta ba re: “A re baleheng Baiseraele, hobane Morena o a ba lwanela!”
Morena Modimo wa lona, ya le etellang pele, o tla le lwanela, jwalokaha a ile a le lwanela moo le ntseng le bona, ha le le Egepeta.
Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona ho ya le lwanela, le ho le hlolela dira tsa lona, le ho le pholosa.’
Monna a le mong wa lona o lelekile batho ba sekete, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng, jwalokaha a ne a le tshepise.