Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 4:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ha ho le jwalo, hlong le phuthehele ho rona nqalong efe le efe eo le tla utlwa modumo wa terompeta o etswa teng; Modimo wa rona o tla re lwanela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Kae kapa kae, moo le tla utlwa lenaka le lla teng, le bokanele hona teng ho rona, mme Modimo wa rona o tla re lwanela!”

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 4:20
10 Referencias Cruzadas  

A re ho yena: Ha Basiria ba ka nkimela, o tle, o tlatsetse ho nna; ha bana ba Ammone ba o imela, ke tla tlatsetsa ho wena.


Ka re ho baholo le ho mahosana le ho ba bang ba setjhaba: Mosebetsi o moholo, hape o namile; re qadikane hodima lerako, e mong le e mong o hole le ngwanabo.


Ra tshwara mosebetsi jwalo, ba bang ba rona ba ntse ba tshwere marumo, ho tloha ka meso ho isa ha dinaledi di hlaha.


Jehova o tla le lwanela; haele lona, ikgutsetseng.


A pshemola maoto a makoloi a bona, hore a tsamaiswe ka boima. Yaba Baegepeta ba re: A re baleheleng Baiseraele, hobane Jehova o a ba lwanela, o lwantsha Baegepeta.


Mme Jehova o tla hlaha, a lwantshe ditjhaba tseo, jwaloka mohla a lwanang tsatsing la polao.


Jehova, Modimo wa lona, ya le eteletseng pele, yena ka sebele o tla le lwanela, jwalokaha a se a entse pontsheng ya lona Egepeta,


hobane Jehova, Modimo wa lona, o tsamaya le lona ho le lwantshetsa dira tsa lona, le ho le namolela.


Le se ke la e tshaba, hobane Jehova, Modimo wa lona, o tla le lwanela e le yena.


Monna a le mong wa lona o lelekile ba sekete se seng, hobane Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya le lwanelang, jwalokaha a le baletse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos