Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 14:14 - BIBELE

14 Morena o tla le lwanela, lona le ntse le itholetse!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jehova o tla le lwanela; haele lona, ikgutsetseng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 14:14
25 Referencias Cruzadas  

Yaba Jahaseele o re: “Lona bohle ba setjhaba sa Juda, le lona baahi ba Jerusalema, le wena kgosi Jehoshafate, mamelang! Morena o bua tjena ho lona: ‘Le se ke la tshaba, leha e le ho nyahama dipelo, ka baka la letshwelehadi lena, hobane ntwa ena hase ya lona, empa ke ya Modimo.


Ha ho na ho hlokahala hore le lwane; le ikemele feela, le tle le bone ha Morena a pholosa setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. Le se ke la tshaba, kapa la tshoha; hosasane le ba futuhele, hobane Morena o tla ba le lona.’ ”


Mebuso yohle ya dinaha tseo ya tshaba Modimo, ha e utlwa hore Morena o hlotse dira tsa Iseraele.


Yaba ke a qamaka, ke ema kapele ho mahosana, le kapele ho babusi, le kapele ho setjhaba sohle, ke re: “Le se ke la ba tshaba. Hopolang Morena ya matla ya tshabehang, mme le lwanele bana babo lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le basadi ba lona, le matlo a lona.”


Kae kapa kae, moo le tla utlwa lenaka le lla teng, le bokanele hona teng ho rona, mme Modimo wa rona o tla re lwanela!”


Wa phatlola lewatle kapele ho bona, ba tshela lewatle mobung o ommeng; baphaladisi ba bona wa ba akgela bodibeng, jwaloka lejwe ha le akgelwa metsing a bilohang.


Pesalema ya Davida. Morena, ako lwantshe ba ntwantshang, o futuhele ba mphutuhelang.


Modimo wa rona o a tla, a ke ke a hlola a kgutsa. Kepele ho yena ke mollo, mollo o tjhesang lore! Sefefo se matla se mo teetse hare.


Pesalema ya Asafo. Sefela.


Morena a re ho Moshe: “Ke hobaneng o ntseng o ipiletsa ho nna? Bolella bana ba Iseraele hore ba tsamaye.


A kgina mabidi a dikariki tsa bona tsa ntwa, mme dikariki tsa ntwa tsa tsamaya haboima. Baegepeta ba re: “A re baleheng Baiseraele, hobane Morena o a ba lwanela!”


Morena ke mohlabani, lebitso la hae ke Morena.


Morena Modimo, ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ha le ka baka, la ba le kgotso, le tla pholoha, ha le ka kgutsa, la ba le tshepo, le tla matlafala, empa le hanne ho etsa jwalo.


Ho molemo ha motho a eba le letshepa, a lebella ka mamello hore Morena a mo pholose.


Morena Modimo wa lona, ya le etellang pele, o tla le lwanela, jwalokaha a ile a le lwanela moo le ntseng le bona, ha le le Egepeta.


Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona ho ya le lwanela, le ho le hlolela dira tsa lona, le ho le pholosa.’


Le se ke la e tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanelang.’ ”


Morena a ba ferekanya, Baiseraele ba ba rinyetsa Gibeone. Ba ba phaladisa ho ya fihla lekgalong la Bete-Horone, mme ba ba bolaya ho ya fihla Aseka, le ho ya fihla Mekeda.


Pele ho mona, le kamorao ho mona, ha ho eso be le letsatsi le kang lena, leo ka lona Morena a kileng a mamela lentswe la motho, hobane Morena o ne a lwanela Iseraele.


Dikgosi tsena tsohle, le dinaha tsa tsona, Joshua a di hapa ka nako e le nngwe, hobane Morena Modimo wa Iseraele, o ne a lwanela Baiseraele.


Monna a le mong wa lona o lelekile batho ba sekete, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng, jwalokaha a ne a le tshepise.


Le bone tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a di entseng ho ditjhaba tsena tsohle, ka baka la lona. Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng.


Dinaledi tsa lwana di le hodimo, tsa lwantsha Sisera di le tseleng ya tsona.


Bafilesita ba tshoha, ba re: “Modimo o fihlile diahelong!” Ba boela ba re: “A rona bale! Maoba le maobane ho ne ho se ntho e tjena!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos