Ka lebaka lena, ka bea batho kamora lerako moo le sa leng tlase, ka ba bea ka malapa abo bona, ba tshwere disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona.
Nehemia 4:18 - BIBELE Sehahi ka seng se ne se haha se ntse se leketlisitse sabole qholong, mme ya letsang lenaka la pheleu yena a eme pela ka. Sesotho 1909/1961 (SO) Bohle ba hahang, e mong le e mong o ne a itlamile ka sabole lethekeng, mme o ne a ntse a haha jwalo; haele ya letsang terompeta, o ne a eme pela ka. |
Ka lebaka lena, ka bea batho kamora lerako moo le sa leng tlase, ka ba bea ka malapa abo bona, ba tshwere disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona.
e leng se neng se haha lerako. Motho ka mong wa ba neng ba thotha thepa, o ne a sebetsa ka letsoho le leng, ka le leng a tshwere dihlomo.
Yaba ke re ho mahosana, le ho babusi, le ho setjhaba sohle: “Mosebetsi ona o moholo, o nametse hole, mme re se re qaqolohane haholo, ho ya le lerako lena.
“Naheng ya lona, ha le futuha, le eya ho lwantsha sera se le hateletseng, le tla hlaba mokgosi ka diterompeta. Le tla hopolwa ke Morena Modimo wa lona, mme le tla pholoswa direng tsa lona.