Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 10:9 - BIBELE

9 “Naheng ya lona, ha le futuha, le eya ho lwantsha sera se le hateletseng, le tla hlaba mokgosi ka diterompeta. Le tla hopolwa ke Morena Modimo wa lona, mme le tla pholoswa direng tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Etlare ha le eya ntweng fatsheng la lona, le ya lwantsha dira tse le qalang, le tla letsa diterompeta haholo, mme le tla hopolwa pela Jehova, Modimo wa lona, mme le tla namolelwa matsohong a dira tsa lona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 10:9
34 Referencias Cruzadas  

Modimo a hopola Nowe, le diphoofolo tsohle tse hlaha, le makgomo wohle a neng a ena le yena ka arekeng. Jwale Modimo a fokisa moya hodima lefatshe, mme metsi a bohlela.


Bonang mona! Modimo o na le rona; ke yena molaodi wa rona. Baprista ba hae ba tla re hlabela mokgosi ka diterompeta, hore re futuhe. Oho, bana ba Iseraele, se lwantsheng Morena Modimo wa bo-ntata lona, hobane ha le ka ke la atleha.”


Ha bahlabani ba naha ya Juda ba hetla, ba bona hore ba futuhelwa kapele le kamorao. Ba ipiletsa ho Morena, baprista ba letsa diterompeta.


Morena, ako nkgopole, ha o sitsa setjhaba sa hao, o nketele, o tlo mpholosa.


Dira tsa bona tsa ba hatella, ba ba katlasa taolo ya tsona.


Ke yena ya ileng a re hopola ha re ne re kokobeditswe; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Lona baahi bohle ba lefatshe, lona ba ahileng lefatsheng, tadimang ha mokgele o phahamiswa dithabeng, mamelang ha lenaka le lla.


“Howeletsa haholo, o se ke wa kgaotsa; howa haholo jwalokaha ho letswa lenaka. Bolella setjhaba sa ka ditshito tsa sona, ntlo ya Jakobo o e bolelle dibe tsa yona.


“Ke longwa ke mala! Ke longwa ke mala! Botebo ba pelo ya ka bo tletse mahlaba! Pelo ya ka e uba kahare ho nna; nke ke ka kgutsa, hobane ke utlwile modumo wa lenaka le mokgosi wa ntwa.


Ke tla bona mokgele ho fihlela neng, ke utlwe modumo wa lenaka ho fihlela neng?


“Bolelang kahara naha yohle ya Juda, le phatlalletse le Jerusalema, le re: ‘Letsang lenaka kahara naha yohle!’ Hlabang mokgosi, le phuthehe, le re: ‘Kgobokanang, le thee theko! Tshabelang metseng, metseng e sireleditsweng!’


Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla hlaba mokgosi, ke o hlabele Raba ya Baamone: Raba e tla fetoha qubu ya masupi, metse ya yona e tjheswe ke mollo. Jwale Baiseraele ba tla hapa naha ya bona, ba e hape ho ba neng ba e hapile pele,” ho rialo Morena.


“Bana ba Benjamine, balehang, le tswe Jerusalema! Letsang lenaka le le motseng wa Tekowa! Hlabang mokgosi ka kganare ya mollo, le o hlabe hodima Bete-Kereme! Koduwa le timelo e kgolo di hlaha leboya.


Yaba ke le kgethela balebedi, ka re: ‘Mamelang modumo wa lenaka ha le lla!’ Empa lona la re: ‘Ha re ka ke ra o mamela!’


Leha ba ka letsa terompeta, hore bohle ba itokise, ha ho le ya mong ya tla ya ntweng, hobane kgalefo ya ka e befetse mokgopi wohle.”


“Letsang lenaka le le Gibea, le letse terompeta le le Rama; hlabang mokgosi le le Bete-Afene, pele-a-pele wena Benjamine!


“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa e tla ba letsatsi la lona la phomolo, la kgopotso e etswang ka ho letswa ha terompeta; ke la phutheho e halalelang.


Ha lenaka le palaola hara motse na setjhaba ha se ke se thothomela? Ha koduwa e wela motse hodimo, na hase Morena ya tlisitseng koduwa eo?


Ke tsatsi la lenaka ho houtsa, ke tsatsi la mokgosi wa ntwa, ke tsatsi la ho futuhela metse, la ho futuhela marako, marako a tshireletso!


Moshe a ba romela ntweng, e le sekete sa ba tswang morabeng o mong le o mong; bona le Finiase mora wa moprista Eleasare a ba romela ntweng, Finiase a nkile dijana tsa Sehalalelo le diterompeta tse hlabang mokgosi.


Hona haeba modumo wa terompeta o sa utlwahale hantle, ke mang ya ka hlomellang ntwa?


“Ha le futuha, le eya ntweng ho ya lwantsha sera sa lona, mme le bona dipere le dikariki tsa ntwa, le batho ba le fetang ka bongata, le se ke la ba tshaba, hobane nna Morena Modimo wa lona, ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, ke na le lona.


Ere ha ba letsa lenaka la pheleu halelele, mme lona le utlwa modumo wa lenaka, setjhaba sohle se howe haholo; lerako la motse le tla helehela fatshe, mme setjhaba sohle se le tlole, monna ka mong a be a se a toba pele.”


Basidone, le Baamaleke, le Bamaone, le bona ba ile ba le hatella, yaba le ipiletsa ho nna, mme ka le namolela matsohong a bona.


Ka sona selemo seo, bao ba ba hatella, mme ba robokela bana ba Iseraele. Ka dilemo tse leshome le metso e robedi, ba hatella bana bohle ba Iseraele ba neng ba phela kamose wane ho Jorodane, naheng ya Baamore, e Gileade.


E ne e ye ere ha Morena a ba hlahisetsa moahlodi, Morena o ne a ye a be le moahlodi eo, a ba pholose matsohong a dira tsa bona, ka matsatsi wohle a ho phela ha moahlodi eo. Morena o ne a ba utlwela bohloko ka baka la ho dumaela ha bona ho bakwang ke ba ba hateletseng, ba ba robokelang.


Ha a fihla naheng e maralla ya Efraime a letsa lenaka. Bana ba Iseraele ba tloha naheng e maralla, ba theoha, yena a ba eteletse pele.


Moya wa Morena wa aparela Gideone, a letsa lenaka, mme Baabiesere ba bokellana, ba mo latela.


Ke le namoletse matsohong a Baegepeta, le matsohong a bohle ba neng ba le hateletse. Ke ba lelekile kapele ho lona, mme ka le nea naha ya bona.’


A re ho bana ba Iseraele: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke nyolotse Baiseraele Egepeta, ka ba namolela, matsohong a Baegepeta, le matsohong a mebuso yohle e neng e le hateletse.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos