Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 4:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Bohle ba hahang, e mong le e mong o ne a itlamile ka sabole lethekeng, mme o ne a ntse a haha jwalo; haele ya letsang terompeta, o ne a eme pela ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Sehahi ka seng se ne se haha se ntse se leketlisitse sabole qholong, mme ya letsang lenaka la pheleu yena a eme pela ka.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 4:18
6 Referencias Cruzadas  

Yaba ke bea balebedi sephitshaneng se kamora lerako, dibakeng tse ahlameng; ka bea setjhaba teng ka masika a sona, ba ena le disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona.


Ba hahang lerako, le bajari ba tse hahang, le babelesi ba tsona, ka tsoho le leng ba ne ba sebetsa mosebetsi, ka le leng ba ne ba tshwere dibetsa.


Ka re ho baholo le ho mahosana le ho ba bang ba setjhaba: Mosebetsi o moholo, hape o namile; re qadikane hodima lerako, e mong le e mong o hole le ngwanabo.


ha a bona lerumo le tlela lefatshe leo, mme a letsa phala, a eletsa setjhaba;


Etlare ha le eya ntweng fatsheng la lona, le ya lwantsha dira tse le qalang, le tla letsa diterompeta haholo, mme le tla hopolwa pela Jehova, Modimo wa lona, mme le tla namolelwa matsohong a dira tsa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos