Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 4:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ba hahang lerako, le bajari ba tse hahang, le babelesi ba tsona, ka tsoho le leng ba ne ba sebetsa mosebetsi, ka le leng ba ne ba tshwere dibetsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 e leng se neng se haha lerako. Motho ka mong wa ba neng ba thotha thepa, o ne a sebetsa ka letsoho le leng, ka le leng a tshwere dihlomo.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 4:17
15 Referencias Cruzadas  

Yaba ke bea balebedi sephitshaneng se kamora lerako, dibakeng tse ahlameng; ka bea setjhaba teng ka masika a sona, ba ena le disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona.


Ho tloha tsatsing leo, ba bang ba bahlanka ba ka ba nna ba sebetsa mosebetsi, ba bang bona ba ema ba tshwere marumo, le dithebe, le diqha, le ditshireletso tsa sefuba; balaodi bona ba ne ba eme kamora bohle ba ntlo ya Juda.


Bohle ba hahang, e mong le e mong o ne a itlamile ka sabole lethekeng, mme o ne a ntse a haha jwalo; haele ya letsang terompeta, o ne a eme pela ka.


Dithoko tsa Modimo di ke di be melomong ya bona, le marumo a mahale a mabedi diatleng tsa bona, ho sebetsa phetetso ditjhabeng,


Ke ba tshwereng sabole kaofela, ke dinatla ntweng; e mong le e mong o na le sabole ya hae lethekeng la hae, ka baka la matsoso a bosiu.


Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.


Ha ba sututsane, e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, ba itihela hara dibetsa, mme ha ba hlajwe.


Fadimehang, le tiye tumelong; le etse ka senna, le matlafale.


Hobane teng ke buletswe monyako o moholo wa tshebetso e hlohonolofalang; hape ho le bahanyetsi ba bangata.


Mme ha ba bang ba ena le tokelo ya ho etsa jwalo ho lona, ana haholoholo hase ya rona na? Athe ha re a ka ra etsa ka tokelo eo; re mpa re mameletse tsohle, re tle re se ke ra beela Evangeli ya Kreste thibelo leha e le nngwe.


ka lentswe la nnete, ka matla a Modimo, re ithusa ka dihlomo tsa ho loka tse tshwarwang ka letsoho le letona le ka le letshehadi;


le hona le sa tshohe leha e le tabeng e le nngwe ka baka la bahanyetsi. Bora boo, ho bona ke pontsho ya tshenyeho, empa ho lona ke ya poloko; mme hoo ho tswa ho Modimo.


Haele wena, mamella bothata ka mokgwa wa mohlabani ya molemo wa Jesu Kreste.


Ke lwanne ntwa e molemo, ke mathile ka qeta sebaka, ke bolokile tumelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos