E mong a bolella Davida, a re: “Ahitofele o teng kahara mahlabaphiyo a Abosalome.” Davida a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nyopise dikeletso tsa Ahitofele.”
Nehemia 4:15 - BIBELE Ha dira tsa rona di utlwa hore re se re tseba morero wa tsona, le hore Modimo o nyopisitse morero oo wa tsona, yaba rona bohle re kgutlela lerakong, motho ka mong a ba mosebetsing wa hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha dira tsa rona di utlwa hoba taba tsa bona di tsejwa ke rona, kahoo Modimo wa qhala morero wa bona, mme bohle ra boela lerakong, e mong le e mong mosebetsing wa hae. |
E mong a bolella Davida, a re: “Ahitofele o teng kahara mahlabaphiyo a Abosalome.” Davida a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nyopise dikeletso tsa Ahitofele.”
Yaba Abosalome le banna bohle ba Iseraele, ba re: “Keletso ena ya Hushai wa Moareke e ntle ho feta keletso ya Ahitofele.” Morena o ne a rerile hore keletso e ntle ya Ahitofele e nyope, e le hore Morena a tle a dihele koduwa hodima Abosalome.
Ho tloha mohlang oo, halofo ya bahlanka ba ka ya nna ya sebetsa, empa halofo e nngwe yona ya dula e hlometse ka marumo, le ka dithebe, le ka diqha, e apere diaparo tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe. Babusi ba ne ba eme kamora setjhaba sohle sa Juda,
Ke nna ya nyopisang dipontsho tsa baporofeta ba bohata, ya fetolang dinohe e be dithoto, ya nyopisang tsebo ya bahlalefi, a e fetole lefeelafeelane.
Le ka rala merero ya lona, empa e tla nyopa; le ka bua haholo, ho ke ke ha phethahala letho, hobane Modimo o na le rona.
Ho jwalokaha motho a eta, a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a ba a laela molebedi wa monyako ho lebela.
Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.
Ikitlaeletseng ho phela ka kgotso, ho hlokomela ditaba tsa lona le ho sebetsa ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse.