Kamora tsena Manase a haha lerako le potapotang Motse wa Davida kantle, a le haha ka kgohlong, ka bophirimela ho Gihone, la ya fihla Kgorong ya Ditlhapi, la teela Ofele hare, la phahama haholo. Metseng yohle e haheleditsweng ya naha ya Juda a bea balaodi ba mabotho.
le kahodima Monyako wa Efraime, le kahodimo ho Monyako wa Kgale, le kahodima Monyako wa Ditlhapi, le Tora ya Hananele, le Tora ya Mea, ho ya fihla Monyakong wa Dinku. Batho bana ba fihla ba ema Monyakong wa Tjhankana.
Hape ke newe le lengolo le yang ho Asafo, molebedi wa moru wa kgosi, e le hore a tle a mphe difate tse tla etsa menyako ya qhobosheane, e pela Tempele, le ya lerako la motse, le ya ntlo ya ka ya bodulo.” Kgosi ya amohela kopo ya ka, hobane Modimo wa ka o ne a ntlhohonolofaditse.
Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a tsosa lerako a bapile le bara ba Hasena. Meshulame, mora wa Berekiya, setloholo sa Meshesabele, yena a le tsosa a bapile le Meremote. Sadoke, mora wa Baana, a le tsosa a bapile le Meshulame.
Monyako wa Kgale wona wa tsoswa ke Jehoyada, mora wa Paseya, le Meshulame, mora wa Besodeya. Ba bea maballo a wona, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona.
Jwale bo-Sanebalate, le Tobiya, le Gashemu wa Moarabia, le ba bang ba dira tsa rona, ba utlwela hore ke se ke hahile lerako, le hore ha le sa na dikgeo, le hoja ka nako eo menyako e ne e eso kenngwe mamati.
“Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “mokgosi o tla utlwahala Monyakong wa Ditlhapi, seboko se utlwahale se etswa motsemotjha, le modumo o moholo o utlwahale maralleng.