Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 3:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Monyako ya Dihlapi wona wa hahuwa ke bara ba Hassenaa; ba etsa difate tsa wona, ba kenya le mamati le dinotlolo le mekwallo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Bara ba Hasena bona ba haha Monyako wa Ditlhapi, ba bea maballo a wona, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 3:3
11 Referencias Cruzadas  

Kamora tseo, a haha lerako le tsamayang kantle, ka nqa botjhabela ho motse wa Davida, ho leba Gihone, Kgohlong, le ho ya fihla monyakong wa Dihlapi; a teela Ofele hare, a e phahamisetsa hodimo haholo; mme a bea balaodi ba makgotla metseng yohle ya Juda ya diqhobosheane.


bana ba Senaa ba kete tse tharo tse nang le makgolo a tsheletseng a mashome a mararo.


le kahodimo ho monyako wa Efraime, le monyako wa Kgale, le monyako wa Dihlapi, le tora ya Kananeele, le tora ya Hammea, ho ya fihla monyakong wa Dinku, mme ba ema monyakong wa Teronko.


Hape, nke ke newe lengolo le yang ho Asafe, mohlahlobi wa moru wa morena, hore a tle a nnee difate tsa ho etsa mamati a menyako ya qhobosheane eo e leng ya ntlo ya Jehova, le a marako a motse, le a ntlo eo ke tla dula ho yona. Morena a mpha mangolo ao, kamoo letsoho le molemo la Modimo wa ka le neng le ntse le le ho nna kateng.


Mabapa le bona, ha lokisa Meremothe, mora Uria, mora Hakkotse. Mabapa le bona, ha lokisa Meshullame, mora Berekia, mora Meshesabeele; mabapa le bona, ha lokisa Tsadoke, mora Baana;


Monyako wa Kgale wona wa lokiswa ke Jojada, mora Pasea, le Meshullame, mora Besodia; ba bea difate tsa wona, mme ba kenya mamati le dinotlolo le mekwallo.


Sanballate, le Tobia, le Gesheme Moarabe, le dira tse ding tsa rona, eitse ha ba utlwa hore ke tsositse lerako, le hore ha ho sekgeo se setseng ho lona, — leha ke ne ke eso ho kenye mamati a menyako ho fihlela motsotso oo —


Eitse hobane lerako le phethehe, ka kenya mamati a menyako, mme balebedi ba bewa kabelong ya bona, le tsona dibini, le Balevi.


bana ba Senaa ba kete tse tharo tse nang le makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mararo.


Hobane o tiisa mekwallo ya menyako ya hao, o hlohonolofatsa bara ba hao kahare ho wena.


Tsatsing leo, ho bolela Jehova, ho tla utlwahala mohoo o tswang monyakong wa Dihlapi, le seboko se tswang Mishne, le tshenyeho e kgolo e maralleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos